Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 2:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Eo a re: Ke mang ya o beileng morena le moahlodi wa rona? Na o rata ho mpolaya, jwalokaha o bolaile Moegepeta na? Yaba Moshe o a tshoha, a re: Ruri taba eo e a tsejwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Eo a araba, a re: “Ke mang ya o beileng hore o be mmusi le moahlodi wa rona? O so rata ho mpolaya jwalokaha o bolaile Moegepeta?” Yaba Moshe o a tshoha, o re: “Ruri taba ena e a tsejwa!”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 2:14
17 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrame o re ho Lota: Oho! qabang e se ke ya eba teng mahareng a ka le wena, kapa mahareng a badisa ba ka le badisa ba hao, hobane re bana ba motho a le mong.


Ba re: Suruha moo! Ba ba ba re: Motho enwa o tlile ho jaka, mme jwale o rata hoba e be moahlodi! Jwale re tla o etsa hampe ho fetisa bona! Jwale monna eo Lota ba mo hatella haholo, mme ba atamela ho thuha lehlafi.


Yaba bara ba Jakobo ba tla ho ba bolailweng, mme ba phahla motse, kahobane kgaitsedi ya bona a ne a sentswe.


Kgalefo ya morena a jwaloka ho rora ha tau, empa lerato la hae le jwaloka phoka hodima jwang.


Ho tshaba batho ho isa sefing; empa ya tshepang Jehova o beilwe phahameng.


a ke ntho e nyenyane ha o re ntshitse lefatsheng le kollang lebese le dinotshi ho tla re bolaela nahathothe, haele mona o ipeile morena ho rona na?


Ba bokanela Moshe le Aarone, ba re ho bona: Ho lekane! Phutheho kaofela ke batho ba halalelang, mme Jehova o hara bona; ke ka baka lang ha le iphahamisitse kahodimo ho phutheho ya Jehova na?


Eitse hobane a fihle tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ha a ntse a ruta, ba re: Ntho tseo, o di etsa ka matla afe? Mme matla ao o a neilwe ke mang?


Empa Jesu a re ho yena: Monna, ke mang ya mpeileng moahlodi, leha e le moaroledi wa lona?


Empa batho ba motse wa hae ba ne ba mo hloile; ba roma manqosa mehlaleng ya hae, a reng: Ha re rate ha enwa a re busa.


Haele dira tseo, tse sa kang tsa rata hoba ke di buse, di tliseng mona, le di bolaye pela ka.


Moshe eo ba neng ba mo nyatsitse, ba re: Ke mang ya o beileng morena le moahlodi wa rona? Ke yena ya kileng a rongwa ke Modimo, hore e be morena le monamoledi wa bona, ka letsoho la lengeloi le kileng la hlaha ho yena sehlahleng.


Ka tumelo, o kile a tloha Egepeta, a sa tshabe bohale ba morena, kahobane o ne a tiya jwaloka hoja a bona ya sa bonweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos