Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 11:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 ba timile matla a mollo, ba phonyohile bohaleng ba lerumo, ba thusitswe dipabong tsa bona, ba entswe dinatla ntweng, ba qhadile makgotla a dira.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

34 ba tima mollo o bohale, ba phonyoha ho bolawa ka sabole. Ba ne ba fokola, empa ba boela ba matlafala, ba fetoha dinatla ntweng, ba qhala dimphi tsa baditjhaba.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

34 ba tima bohale ba mollo, ba phonyohile bohale ba lerumo, ba matlafatswa bofokoling, ba ba dinatla ntweng, ba leleka makgotla a basele.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 ba tima bohale ba mollo, ba phonyohile bohale ba lerumo, ba matlafatswa bofokoling, ba ba dinatla ntweng, ba leleka makgotla a basele.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 11:34
36 Referencias Cruzadas  

Yaba Akabe o phetela Jesebele tsohle tse entsweng ke Elia, le tsohle tsa kamoo a bolaileng baporofeta bohle ba Baale kateng, ka lerumo.


Elia, ha a bona ho le jwalo, a tloha, a ikela ho ipholosa, a ya Beerseba wa Juda, mme a siya mohlanka wa hae teng.


Bara ba baporofeta ba re ho Elisha: Bona, nqala eo, eo re ahileng ho yona pela hao e nyenyane.


Elisha o ba a dutse ha hae ka tlung, le baholo ba ne ba dutse le yena; morena a roma lenqosa la hae; empa lenqosa ha le eso ho fihle ho Elisha, yena a re ho baholo: Na le a bona hoba mora enwa wa mmolai o rometse ho nkgaola hlooho? Bonang, etlere ha lenqosa le etla, le kwale nmonyako, le tiise lemati pela lona; na diqi tsa maoto a monga lona ha di le latele na?


Mme Jehova a ntsha Jobo ditlamong tsa hae, ha a se a rapeletse metswalle ya hae; mme Jehova a mo atisetsa habedi tseo a neng a ena le tsona pele.


Tlaleng o ya o boloka, o se ke wa shwa, ntweng a o pholose bohaleng ba lerumo.


Moya wa rona o phonyohile jwaloka nonyana lerabeng la motshwasi; leraba le ne le kgaohe, ra phonyoha.


wena ya neang marena poloko, wena ya namoletseng mohlanka wa hao, Davida lerumong le bolayang.


Suthelang hole le nna, lona kaofela ba sebetsang bolotsana; hobane Jehova o utlwile lentswe la dillo tsa ka.


o nnile wa kallisa batho hodima dihlooho tsa rona, ra kena mollong le metsing; empa wa ba wa re nyolla teng ho re kgatholosa menonong.


lebitso la e mong e le Eliesere, hobane a na a itse: Modimo wa ntate ebile thuso ya ka, mme o nnamoletse lerumong la Faro.


Ha o tshela hara metsi, ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka, di ke ke tsa o nka: leha o feta hara mollo, o ke ke wa tjha, le malakabe a ke ke a o tlabola.


Empa letsoho la Akikame, mora Shafane, la emela Jeremia, hore a se ke a neelwa matsohong a setjhaba ho bolawa.


Ba tla wa ka bohale ba sabole, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; mme Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethwe mehla ya ditjhaba.


Baratuwa, ha ho ena le ho kang mollo hara lona hore le lekwe ke wona, se makaleng jwaloka hola le hlahetswe ke ntho e ka tsotwang;


A ba bolaya serope le letheka, ya eba polao e kgolo; a ntoo theoha teng, a ya dula lefarung la lefika la Etame.


Saule a betsa ka lerumo, a re: A nke ke bolaele Davida leboteng; Davida a mpa a qoba habedi pela hae.


Saule a leka ho bolaela Davida leboteng ka lerumo, Davida a mpa a qoba ho Saule, a hlaba lebota ka lerumo. Davida a baleha, a phonyoha bosiung boo.


Ebile Davida o baleha Najothe o pela Rama, a tla a re ho Jonathane: Ke entseng? Sebe sa ka ke sefe? Ke sitetswe ntatao kang, ha a pheheletse hakalo ho mpolaya na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos