Moshe le Aarone, baprista ba hae, le Samuele, e mong wa ba neng ba rapela lebitso la hae, ba nna ba rapela Jehova, mme a ba utlwa.
Eksoda 17:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Moshe o howeletsa ho Jehova, a re: Ke tla etsang ka setjhaba sena? Ba se ba batla ba ntlepetsa! BIBELE Moshe a ipiletsa ho Morena, a re: “Setjhaba see ke tla se etsa jwang? Ho se ho se hokae se ntlepetsa ka majwe!” |
Moshe le Aarone, baprista ba hae, le Samuele, e mong wa ba neng ba rapela lebitso la hae, ba nna ba rapela Jehova, mme a ba utlwa.
Jehova a re ho Moshe: O ntse o howelletsang ho nna? Bolella bana ba Iseraele hore ba tsamaye.
Yaba o howeletsa ho Jehova, mme Jehova a mmontsha sefate; a se akgela metsing; yaba metsi a ba monate. A ba beela molao le taelo teng; a ba leka teng,
Moshe a re ho Jehova: A ke ka baka lang o swabisang mohlanka wa hao na? Ke ba baka lang ha ke sa ka ka fumana mohau pela mahlo a hao, haele moo o ntjarisitse phahlo ya setjhaba sena kaofela?
Empa phutheho yohle e ne e bua, e re, e ya ba tlepetsa ka majwe. Yaba kganya ya Jehova e bonahala hodima tente ya pokano pela bana ba Iseraele kaofela.
Kore a ba memela phutheho yohle pela monyako wa tente ya pokano. Yaba kganya ya Jehova e hlahela phutheho kaofela.
Jwale, ba thola majwe hore ba mmetse; empa Jesu a ipata, a tswa tempeleng, a iphetela hara bona; mme a itsamaela jwalo.
Yaba ho fihla Bajuda ba tswang Antioke le Ikone, ba hapella batho ho bona; yaba ba tlepetsa Pauluse, ba mo hulanyetsa kantle ho motse, ba lekanya hore o shwele.
Kahoo, Davida a tsieleha haholo, hobane le batho ba ne ba bolela taba ya ho mo tlepetsa ka majwe, hobane pelo tsa bohle di ne di baba, e mong le e mong ka baka la bara ba hae le la baradi ba hae; empa Davida a ikgothatsa ka Jehova, Modimo wa hae.