Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 30:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Kahoo, Davida a tsieleha haholo, hobane le batho ba ne ba bolela taba ya ho mo tlepetsa ka majwe, hobane pelo tsa bohle di ne di baba, e mong le e mong ka baka la bara ba hae le la baradi ba hae; empa Davida a ikgothatsa ka Jehova, Modimo wa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Davida o ne a tshwenyehile haholo; banna ba ne ba re ba mo tlepetsa ka majwe, hobane dipelo tsa bona di ne di utlwile bohloko, monna ka mong a llela bara ba hae le baradi ba hae. Empa Davida a ikgothatsa ka ho tshepa Morena Modimo wa hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 30:6
51 Referencias Cruzadas  

Yaba Jakobo o tshoha haholo, a tsieleha, a arola batho bao a nang le bona, le manku le makgomo, le dikamele, a etsa dihlopha di le pedi.


Hushai a eketsa a re: O tseba ntatao le banna ba hae, hobane ke bahale ba pelo di babang, jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng; hape, ntatao ke monna wa ntwa, a ke ke a robala le sera.


Yare ha a fihla ho monna wa Modimo, thabeng, a mo tshwara ka maoto. Gehasi a mpa a mo atamela ho mo suthisa; empa monna wa Modimo a re: Mo tlohele, hobane pelo ya hae e bohloko, mme Jehova o mpatetse, ha a ka a ntsebisa.


Bonang, o ka mpolaya, ha ho sa le kamoo nka tshepang kateng. Ke mpa ke rata ho hlahisa mekgwa ya ka pela wona;


Ke dumetse, ke boletse ke hona. Ka na ka hlokofala ka mokgwa o fetisang!


Eitse ha ke bitsa, wa nkaraba, wa nnatlafatsa, matla a kena moyeng wa ka.


wena Jehova, lefika la ka, qhobosheane ya ka, monamoledi wa ka, Modimo wa ka, lefika la ka leo ke tshabelang ho lona, thebe ya ka, lenaka la poloko ya ka, le qhobosheane e phahameng ya ka!


Matswalong a ka ka bitsa ho Jehova, ka phahamisetsa mehoo ya ka ho Modimo wa ka. A utlwa lentswe la ka a le sehalalelong sa hae, mohoweletso wa ka wa finyella pela hae ditsebeng tsa hae.


Matswalo a pelo ya ka a eketsehile; o ntokolle tsietsing tsa ka.


O itshepele Jehova, o be matla, pelo ya hao e tiye! O itshepele Jehova.


Betang dipelo, le tiye, lona kaofela ba itshepelang Jehova!


Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo; ke sa tla o roka, ke Mmoloki wa ka le Modimo wa ka.


Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo; ke sa tla o roka; sefahleho sa wona ke poloko.


Bodiba bo arabelana le bodiba bo bong modumong wa phororo tsa hao; merwallo ya hao kaofela le maqhubu a hao wohle a fetile hodima ka.


Ke itshepetse Modimo, nke ke ka tshaba letho: motho a ka nketsang?


Moya wa ka, ke ho Modimo feela o ka bonang phomolo; hobane poloko ya ka e tswa ho wona.


Moya wa ka, o itshepele Modimo, hobane tshepo ya ka e tswa ho wona.


Modimo wa ka, o nnamolele diatleng tsa monyefodi, le letsohong la molotsana, le la motubi.


Hobane wena, Morena, o tshepo ya ka; esale le botjheng ba ka, ke beile tshepo ya ka ho wena, Jehova.


Yaba Moshe o howeletsa ho Jehova, a re: Ke tla etsang ka setjhaba sena? Ba se ba batla ba ntlepetsa!


Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ya lokileng o balehela ho yona, mme o dula phahameng.


Hobane o bile setshabelo sa ya fokotseng, le qhobosheane ya ya madimabe matswalong a hae, le tshirelo mohla sefefo, le leswiti ha ho tjhesa letsatsi; hobane moya wa bahlorisi o ne o tle jwaloka sefefo se thulanang le lerako.


Oho Jehova, matla a ka, le qhobosheane ya ka, le setshabelo sa ka tsatsing la tlokotsi, ditjhaba di tla tla ho wena, di etswa pheletsong tsa lefatshe, mme di tla re: Ruri, bontata rona ba ruile leshano le mafeela a se nang thuso.


a re: Ha ke ne ke le mahlomoleng, ka bitsa ho Jehova, mme a nkutlwa; ke le mpeng ya nqalo ya bafu, ka howeletsa, mme wa utlwa lentswe la ka.


Empa phutheho yohle e ne e bua, e re, e ya ba tlepetsa ka majwe. Yaba kganya ya Jehova e bonahala hodima tente ya pokano pela bana ba Iseraele kaofela.


Mme bongata bo eteletseng pele le bo latelang ba howa, ba re: Hosanna ho mora Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!


Pilato a re ho bona: Mme Jesu, ya bitswang Kreste, yena ke mo etse jwang na? Bohle ba re ho yena: A thakgiswe!


Jwale, ba thola majwe hore ba mmetse; empa Jesu a ipata, a tswa tempeleng, a iphetela hara bona; mme a itsamaela jwalo.


Abrahama o dumetse ka tshepo, leha ho ne ho se sebaka sa ho tshepa, hore o tla fetoha ntata ditjhaba tse ngata, ka seo a se boleletsweng, ha thwe: Leloko la hao e tla ba le lekalo.


Ha a ka a belaela ka pallo ya Modimo ka ho se dumele, a mpa a ipha matla tumelong, a ntse a rorisa Modimo;


Ana re tla reng tabeng tseo na? Ha Modimo o eme le rona, ke mang ya ka hanang ho rona na?


Mme leha re le mahlomoleng, ke hore e be tshediso ya lona le poloko ya lona, e ntseng e etsahala ha le mamella bohloko boo re bo utlwiswang le rona; mme hape, ha re tshediswa, ke hore e be tshediso ya lona le poloko ya lona. Mme tshepo ya rona hodima lona e tiile,


Re hlomohile ka nqa tsohle, empa ha re tsielehe ruri; re bothateng bo boholo, empa ha re tele;


Hobane esale re fihla Masedonia, nama ya rona ha e a ka ya phomola le hanyenyane; ra mpa ra hlomoha ka nqa tsohle; kantle e bile dintwa, kahare ya eba ditshoho.


Ka baka leo, re ka re ka tshepo: Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshoha letho; motho a ka nketsang?


Bana ba Dane ba re ho yena: O se ke wa re utlwisa lentswe la hao, esere mohlomong banna ba pelo tse halefang ba le wela hodimo, mme wa itshenyetsa bophelo ba hao le ba ntlo ya hao.


Leha ho le jwalo, setjhaba, e leng banna ba Iseraele, sa beta pelo, mme sa boela sa hlopholla ntwa moo se neng se e hlopholotse pele.


A tla a hlokofetse moyeng wa hae, a rapela Jehova, a ntse a lla habohloko.


Yaba Jonathane, mora Saule, o tloha, a tla ho Davida morung, a tiisa letsoho la hae ho Modimo;


Samuele a re ho Saule: O mpherekanyeditseng ka ho nnyolla na? Saule a re: Ke tsielehile haholo; Bafilesta ba mphutuhetse, mme Modimo o mphuraletse; ha o sa nkarabela, leha e le ka baporofeta, leha e le ka ditoro; ke o bitsitse ke hona, hore o ntsebise seo nka se etsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos