Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 14:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Empa phutheho yohle e ne e bua, e re, e ya ba tlepetsa ka majwe. Yaba kganya ya Jehova e bonahala hodima tente ya pokano pela bana ba Iseraele kaofela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Yare ha setjhaba sohle se re se ba tlepetsa ka majwe, tlotla ya Morena ya iponahatsa ka Tenteng ya Morena ho bana ba Iseraele bohle.

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:10
14 Referencias Cruzadas  

Yare ha Aarone a ntse a bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ha ba qala ho tadima nqa lefeelleng, ba tshoha kganya ya Jehova e bonahala lerung.


Ha ho esa, le tla bona kganya ya Jehova; hobane o utlwile kamoo le dumadumetseng Jehova kateng. Na rona re bomang, le ka re ngangisang?


Yaba Moshe o howeletsa ho Jehova, a re: Ke tla etsang ka setjhaba sena? Ba se ba batla ba ntlepetsa!


Yaba leru le kgurumetsa tente ya pokano, mme khanya ya Jehova ya tlala tabernakele.


Moshe le Aarone ba kena tenteng ya pokano, mme ha ba etswa ho yona, ba hlohonolofatsa setjhaba. Yaba kganya ya Jehova e iponahatsa ho setjhaba kaofela.


Kore a ba memela phutheho yohle pela monyako wa tente ya pokano. Yaba kganya ya Jehova e hlahela phutheho kaofela.


Ha phutheho e ne e bokane le Moshe le Aarone, yare ha ba tadima ka nqa tenteng ya pokano, ba bona leru le e apesitse, mme ha hlaha kganya ya Jehova.


Moshe a bea dithupa pela Jehova, ka tenteng ya bopaki.


Moshe le Aarone ba tloha phuthehong, ba ya monyako wa tente ya pokano. Ba wa ka difahleho tsa bona; mme kganya ya Jehova ya ba hlahela.


Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne.


Ke ofe moporofeta eo bontata lona ba sa kang ba mo hlorisa? Ba bile ba bolaile le ba boletseng pele ho tla ha Ya lokileng eo le mo ekileng jwale, eo le leng babolai ba hae;


Ha ba sa ntse ba mo tlepetsa, Setefane a rapela, a re: Morena Jesu, amohela moya wa ka!


Kahoo, Davida a tsieleha haholo, hobane le batho ba ne ba bolela taba ya ho mo tlepetsa ka majwe, hobane pelo tsa bohle di ne di baba, e mong le e mong ka baka la bara ba hae le la baradi ba hae; empa Davida a ikgothatsa ka Jehova, Modimo wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos