Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 16:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Kore a ba memela phutheho yohle pela monyako wa tente ya pokano. Yaba kganya ya Jehova e hlahela phutheho kaofela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Yare hoba Kora a kgobokanye balatedi ba hae bohle monyakong wa Tente ya Morena, tlotla ya Morena ya iponahatsa ho setjhaba sohle.

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:19
12 Referencias Cruzadas  

Yare ha Aarone a ntse a bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ha ba qala ho tadima nqa lefeelleng, ba tshoha kganya ya Jehova e bonahala lerung.


Ha ho esa, le tla bona kganya ya Jehova; hobane o utlwile kamoo le dumadumetseng Jehova kateng. Na rona re bomang, le ka re ngangisang?


Moshe le Aarone ba kena tenteng ya pokano, mme ha ba etswa ho yona, ba hlohonolofatsa setjhaba. Yaba kganya ya Jehova e iponahatsa ho setjhaba kaofela.


Moshe a re: Ke tseo Jehova a di laetseng; di etseng, mme kganya ya Jehova e tla iponahatsa ho lona.


Jehova a theoha topallong ya leru, a ema monyako wa tente ya pokano, a bitsa Aarone le Miriame; mme bona ba babedi ba tswa.


Empa phutheho yohle e ne e bua, e re, e ya ba tlepetsa ka majwe. Yaba kganya ya Jehova e bonahala hodima tente ya pokano pela bana ba Iseraele kaofela.


Yaba monna e mong le e mong wa bona o nka pitsa ya hae, a kenya mollo ho yona, a o tshela ka dibano, mme ba ema monyako wa tente ya pokano hammoho le Moshe le Aarone.


Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re:


Ha phutheho e ne e bokane le Moshe le Aarone, yare ha ba tadima ka nqa tenteng ya pokano, ba bona leru le e apesitse, mme ha hlaha kganya ya Jehova.


Ho ne ho se metsi teng a ka nowang ke phutheho; yaba e lwantsha Moshe le Aarone.


Moshe le Aarone ba tloha phuthehong, ba ya monyako wa tente ya pokano. Ba wa ka difahleho tsa bona; mme kganya ya Jehova ya ba hlahela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos