Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 15:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Yaba o howeletsa ho Jehova, mme Jehova a mmontsha sefate; a se akgela metsing; yaba metsi a ba monate. A ba beela molao le taelo teng; a ba leka teng,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Yaba Moshe o ipiletsa ho Morena, mme Morena a mmontsha sefate. Moshe a nka lekala la sona a le lahlela ka metsing, mme metsi a eba monate. Morena a ba beela molao le taelo, a ba a ba leka hona moo,

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 15:25
26 Referencias Cruzadas  

A ya mohloding wa metsi, a tshela letswai teng, a re: Ho itswe ke Jehova: Ke phekotse metsi ana; ha ho sa tla tswa lefu teng, leha e le ho nyopa ha naha.


Yena a re: Tlisang phofo; mme a e faha pitseng, a ntoo re: Tsholelang batho bana, ba tle ba je. Mme ho bo ho se letho le lebe ka pitseng.


Monna wa Modimo a re: Se wetse kae? Yare hobane eo a mo supise, Elisha a rema thupa, a e akgela hona teng, a phahamisa selepe.


O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!


Hobane wena, Modimo, o re lekile, wa re tshekisa ka mollo jwalokaha ho tshekiswa silefera,


Wa nthapela o le matswalong, ka o boloka, ka o utlwa ke ipopile ka leru le dumang, ka o leka metsing a Meriba. (Sela.)


O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.


Moshe le Aarone, baprista ba hae, le Samuele, e mong wa ba neng ba rapela lebitso la hae, ba nna ba rapela Jehova, mme a ba utlwa.


Yare ha Faro a atamela, bana ba Iseraele ba lelatsa mahlo, ba bona Baegepeta ba ba phalletse, mme ba tshoha hampe; bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Bona, ke tla le nesetsa bohobe bo tswang lehodimong, setjhaba se tla tswa se ipokellele ho lekanang letsatsi, ka matsatsi wohle, ke tle ke ba leke, ke bone hore na ba tla tsamaya ka molao wa ka, kapa ho seng jwalo.


Yaba Moshe o howeletsa ho Jehova, a re: Ke tla etsang ka setjhaba sena? Ba se ba batla ba ntlepetsa!


Moshe a re ho setjhaba: Se tshoheng, feela ke Modimo o tlileng ho le leka, hore le nne le o tshabe, le tle le se ke la etsa sebe.


Silefera e qhibidiswa pitseng ya lesehla, kgauta e bediswa seboping; empa ya lekang dipelo ke Jehova.


Empa Jehova a re ho nna: Le hoja Moshe le Samuele ba ka ema pela ka, pelo ya ka e be e ke ke ya hauhela setjhaba sena. O tlo o se leleke pela ka, se tlohe.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke tla ba lekola, ke ba leke; hobane nka be ke etsa jwang bakeng sa moradi wa setjhaba sa ka?


Ha ke boya, ka bona lebopong la noka ho le difate tse ngatangata mose o kwano le mose wane.


A re ho nna: Metsi ao a ikela naheng e ka nqa botjhabela, a tla theohela lefeelleng, a ntoo kena lewatleng; etlare hobane a itshollele lewatleng, metsi a lewatle a tla hlapholoha.


Hobane polelo ya sefapano ke bohlanya ho ba timelang; empa ho rona ba bolokehang, ke matla a Modimo.


o se ke wa mamela dipolelo tsa moporofeta eo, kapa tsa molori eo wa ditoro; hobane ke Jehova, Modimo wa lona, ya le lekang hore a tsebe ha le rata Jehova, Modimo wa lona, ka pelo tsa lona tsohle, le ka meya ya lona yohle.


ya o fepileng nahathothe ka manna, eo bontatao ba sa kang ba e tseba; a tle a o kokobetse, a o leke, hore a tle a o hlohonolofatse mehleng e tlang.


Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.


ke tle ke leke Baiseraele ka tsona, ke bone ha ekaba ba tla boloka tsela ya Jehova ka ho di futuhela, jwalokaha bontata bona ba e bolokile, kapa ha ho ke ke ha eba jwalo.


Ke tsena ditjhaba tseo Jehova a kileng a di siya, ho leka ka tsona Baiseraele, e leng bohle ba sa kang ba bona dintwa tsohle tsa Kanana.


Tjhaba tsena tsa eba teng ho leka Baiseraele, hore ho tle ho tsejwe ha ekaba ba tla mamela ditaelo tseo Jehova a neng a di laele bontata bona ka Moshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos