Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 17:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Setjhaba se fela se ne se nyoretswe metsi, sa ngangisa Moshe, sa re: O ne o re ntshetsang Egepeta, ho tla re bolaisa lenyora rona le bana ba rona, le makgomo a rona?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Setjhaba sa nyorelwa metsi haholo, mme sa nna sa korotlela Moshe, sa re: “Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta, ho tla re bolaya ka lenyora, rona le bana ba rona, le diphoofolo tsa rona?”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 17:3
9 Referencias Cruzadas  

Wa ba nea bohobe bo tswang mahodimong ho ba fepa, wa ba ntshetsa metsi lefikeng ho ba nosa, wa re ho bona, ba kene, mme ba rue lefatshe leo o neng o hlapantse hore o tla ba nea lona.


O nnile wa ba fa moya wa hao o molemo ho ba hlalefisa; ha o a ka wa tima melomo ya bona manna ya hao, mme wa nna wa ba nea metsi a ho ba nosa.


ba ne ba shwele ke tlala le ke lenyora, meya ya bona e ne e idibana kahare ho bona.


Letshwele le kopakaneng la ya le bona, le mehlape ya manku le ya makgomo a mangata haholo.


Ba re ho Moshe: Hleka ho ne ho se mabitla Egepeta, ha o re tlisitse ho shwela lefeelleng na? O ne o re etsang, ha o re ntsha Egepeta?


Setjhaba sa ngangisa Moshe, sa re: Re tla nwang?


Haele batho bana kaofela ba boneng kganya ya ka le mehlolo eo ke e entseng Egepeta le lefeelleng, ba seng ba ntekile ha leshome, ba sa kang ba utlwa lentswe la ka,


Na ke ka baka lang le tlisitseng phutheho ya Jehova lefeelleng lena, hore re shwele teng, rona le makgomo a rona?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos