Empa eitse ba eso ho robale, banna ba motse, bona banna ba Sodoma, ba bokanela ntlo, bana le ba hodileng, batho kaofelafela.
Eksoda 16:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya ngangisana le Moshe le Aarone lefeelleng. BIBELE Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa korotlela Moshe le Arone lehwatateng. |
Empa eitse ba eso ho robale, banna ba motse, bona banna ba Sodoma, ba bokanela ntlo, bana le ba hodileng, batho kaofelafela.
Bontata rona ha ba ka ba nahana mehlolo ya hao Egepeta, ha ba ka ba elellwa bongata ba mehauhelo ya hao, ba mpa ba ikgantsha pela lewatle, Lewatle le Lefubedu.
Ba re ho Moshe: Hleka ho ne ho se mabitla Egepeta, ha o re tlisitse ho shwela lefeelleng na? O ne o re etsang, ha o re ntsha Egepeta?
Setjhaba se fela se ne se nyoretswe metsi, sa ngangisa Moshe, sa re: O ne o re ntshetsang Egepeta, ho tla re bolaisa lenyora rona le bana ba rona, le makgomo a rona?
ba re ho bona: Jehova a le tadime, mme a re ahlolele, haele mona le re entse sebodu mahlong a Faro le mahlong a bahlanka ba hae, mme le ba neile lerumo la ho re bolaya.
Haele batho bana kaofela ba boneng kganya ya ka le mehlolo eo ke e entseng Egepeta le lefeelleng, ba seng ba ntekile ha leshome, ba sa kang ba utlwa lentswe la ka,
Hape, le se ke la korotla jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba korotla, mme ba bile ba timetswa ke motimetsi.