Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 16:2 - BIBELE

2 Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa korotlela Moshe le Arone lehwatateng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya ngangisana le Moshe le Aarone lefeelleng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 16:2
10 Referencias Cruzadas  

Empa yare ho eso robalwe, banna ba motse, banna ba Sodoma, bahlankana le maqheku, banna bohlebohle, ba etsetsa ntlo sakanalankope.


Empa ba phakisa ho lebala, ho lebala diketso tsa hae, ba tlohela ho batla keletso ho yena.


Ba dumaduma ba le ditenteng tsa bona, ba se ke ba mamela lentswe la Morena.


Bo-ntata rona, ha ba sa le Egepeta, ha ba a ka ba utlwisisa dimakatso tsa hao; ba ile ba lebala mohau wa hao o moholo, ba mpa ba fetohela Ya Hodimodimo ha ba le Lewatleng la Sufe.


Yaba ba re ho Moshe: “Na ho ne ho se mabitla Egepeta, ha o re tlisitse ho tla shwela lehwatateng moo? Keng ntho ee eo o e entseng ho rona, ha o re ntshitse Egepeta?


Setjhaba sa korotlela Moshe, sa re: “Re tla nwa eng?”


Setjhaba sa nyorelwa metsi haholo, mme sa nna sa korotlela Moshe, sa re: “Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta, ho tla re bolaya ka lenyora, rona le bana ba rona, le diphoofolo tsa rona?”


mme ba re ho bona: “Morena a ke a le bone, a le ahlole, hobane le entse hore re be batho ba kgopo mahlong a Faro, le mahlong a bahlanka ba hae, la ba nea sabole matsohong, hore ba re bolaye!”


batho bohle ba boneng tlotla ya ka le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng Egepeta le lehwatateng, empa ba ntekileng ka makgetlo ana a leshome, ba hana ho mamela lentswe la ka;


Hape le se ke la dumaduma, jwalokaha le ba bang ba bona ba ile ba dumaduma, mme ba timetswa ke Motimetsi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos