Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 16:1 - BIBELE

1 Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tloha Elime, sa ya fihla lehwatateng la Sine, pakeng tsa Elime le Sinai. E ne e le letsatsi la leshome le metso e mehlano, la kgwedi ya bodedi ya ho tloha ha bona naheng ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ba tloha Elime, e le phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ba fihla lefeelleng la Sine, le leng dipakeng tsa Elime le Sinai, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bobedi ha ba se ba tswile naheng ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 16:1
7 Referencias Cruzadas  

Ka lona letsatsi leo Morena a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka mabotho a bona.


Le tla e boloka ho fihlela letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ena, e nto hlajwa ka shwalane, moo setjhaba sohle se leng teng.


Jwale ba fihla Elime, moo ho neng ho ena le didiba tse leshome le metso e mmedi, le difate tse mashome a supileng tsa dipalema, mme ba hloma ditente tsa bona pela metsi.


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tsamaya ho tloha lehwatateng la Sine; sa nna sa tsamaya, ho ya ka taelo ya Morena, ho fihlela se hloma Refidime. Setjhaba sa hloka metsi ao se a nwang.


Ka kgwedi ya boraro bana ba Iseraele ba tswile naheng ya Egepeta, ka lona letsatsi leo ba fihla lehwatateng la Sinai.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos