Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 16:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ba tloha Elime, e le phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ba fihla lefeelleng la Sine, le leng dipakeng tsa Elime le Sinai, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bobedi ha ba se ba tswile naheng ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tloha Elime, sa ya fihla lehwatateng la Sine, pakeng tsa Elime le Sinai. E ne e le letsatsi la leshome le metso e mehlano, la kgwedi ya bodedi ya ho tloha ha bona naheng ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 16:1
7 Referencias Cruzadas  

Ka lona tsatsi leo, Jehova a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka makgotla a bona.


E tla dula ho lona le e bolokile ho fihlela tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ena, e ntoo hlajwa mantsiboya ke phutheho yohle ya Iseraele.


Ba fihla Elime, moo didiba di neng di le teng, tse leshome le metso e mmedi, le difate tsa palema tse mashome a supileng, mme ba hloma ditente teng pela metsi.


Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya tloha lefeelleng la Sine, ka taelo ya Jehova, ba ntse ba eya ka ho tsamaya ha bona; ba fihla ba hloma ditente Refidime, empa ho ne ho se metsi ao setjhaba se ka a nwang.


Ka kgwedi ya boraro hobane bana ba Iseraele ba tswe lefatsheng la Egepeta, ka lona letsatsi leo, ba kena lefeelleng la Sinai.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos