Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 15:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ba fihla Elime, moo didiba di neng di le teng, tse leshome le metso e mmedi, le difate tsa palema tse mashome a supileng, mme ba hloma ditente teng pela metsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Jwale ba fihla Elime, moo ho neng ho ena le didiba tse leshome le metso e mmedi, le difate tse mashome a supileng tsa dipalema, mme ba hloma ditente tsa bona pela metsi.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 15:27
7 Referencias Cruzadas  

O mphomotsa makgulong a matala, o ntsamaisa pela metsi a kgutsitseng.


Ba tloha Elime, e le phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ba fihla lefeelleng la Sine, le leng dipakeng tsa Elime le Sinai, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bobedi ha ba se ba tswile naheng ya Egepeta.


Le tla ikgella metsi ka thabo didibeng tsa poloko;


Mabopong a noka, mose o kwano le mose wane, ho tla mela difate tsohle tse nang le dijo. Mahlaku a tsona a ke ke a pona, ditholwana tsa tsona di ke ke tsa fela; di tla butswa ka dikgwedi tsohle, hobane metsi a noka ke a kollang sehalalelong; ditholwana tsa tsona e tla ba dijo, mahlaku a tsona e be sehlare.


Ba tloha Mara, ba fihla Elime; teng, Elime, ho ne ho le didiba tse leshome le metso e mmedi tsa metsi, le difate tsa dipalema tse mashome a supileng; mme ba emisa teng.


Mahareng a lepatlelo la motse le mabopong a noka, ka mose o mong le o mong, ho na le sefate sa bophelo se behang ditholwana ha leshome le metso e mmedi, mme se beha ditholwana ka dikgwedi tsohle; mahlaku a sefate seo ke a ho fodisa baditjhaba.


hobane Konyana e hara terone e tla ba alosa, mme e tla ba isa didibeng tsa metsi a bophelo; mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos