Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 14:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Haele batho bana kaofela ba boneng kganya ya ka le mehlolo eo ke e entseng Egepeta le lefeelleng, ba seng ba ntekile ha leshome, ba sa kang ba utlwa lentswe la ka,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 batho bohle ba boneng tlotla ya ka le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng Egepeta le lehwatateng, empa ba ntekileng ka makgetlo ana a leshome, ba hana ho mamela lentswe la ka;

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:22
31 Referencias Cruzadas  

Dilemo tsa ka di mashome a mabedi tseo ke o sebeleditseng ka tsona ka tlung ya hao; dilemo tse leshome le metso e mene bakeng sa baradi ba hao ba babedi, le dilemo tse tsheletseng bakeng sa mehlape ya hao; mme o fetotse moputso wa ka haleshome.


empa ntata lona o nthetsitse, o fetotse moputso wa ka haleshome; leha ho le jwalo, Modimo ha o a ka wa mo dumella hore a nketse hampe.


Le se le nkentse motho e mobe ha leshome; ha le na dihlong tsa ho nnyefola!


ba kenwa ke takatso nahathothe, ba leka Modimo feelleng.


Ka baka leo, a emisa letsoho la hae, a hlapanya, a re o tla ba diha feelleng,


Ba boela ba leka Modimo, ba halefisa Mohalaledi wa Iseraele.


Ba re ho Moshe: Hleka ho ne ho se mabitla Egepeta, ha o re tlisitse ho shwela lefeelleng na? O ne o re etsang, ha o re ntsha Egepeta?


Setjhaba sa ngangisa Moshe, sa re: Re tla nwang?


Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya ngangisana le Moshe le Aarone lefeelleng.


Yaba setjhaba se tsekisa Moshe, sa re: Re feng metsi, re nwe! Moshe a re ho bona: Le ntsekisetsang? Le lekelang Jehova?


Setjhaba se fela se ne se nyoretswe metsi, sa ngangisa Moshe, sa re: O ne o re ntshetsang Egepeta, ho tla re bolaisa lenyora rona le bana ba rona, le makgomo a rona?


A rea nqalo eo lebitso la Massa le Meriba (teko le tseko) ka baka la tseko ya bana ba Iseraele, le kahobane ba ne ba lekile Jehova, ba re: Hleka Jehova o teng hara rona, kapa ha a yo na?


Setjhaba eitse ha se bona hoba Moshe o diehile ho theoha thabeng, setjhaba sa bokanela Aarone, sa re ho yena: Ema, o re etsetse modimo o re etellang pele; hobane haele Moshe eno, monna ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.


ba re ho bona: Jehova a le tadime, mme a re ahlolele, haele mona le re entse sebodu mahlong a Faro le mahlong a bahlanka ba hae, mme le ba neile lerumo la ho re bolaya.


O bone taba tse ngata, empa ha o a ka wa di lemoha; ditsebe di ne di thibolotswe, empa o ne o sa mamele.


Tabeng tsohle tsa tsebo le tsa kelello tseo morena a ba botsitseng tsona, a fihlela hobane ba fetisa babohlale bohle le dinohe tse leng teng mmusong wa hae wohle haleshome.


Mme jwale he, re re: Ho lehlohonolo baikgohomosi; hobane ba etsang bolotsana ba ahiswa; ba leka Modimo, mme ba phonyoha!


Setjhaba sa korotla, mme ha eba hobe ditsebeng tsa Jehova; Jehova a utlwa, mme kgalefo ya hae ya tuka; mollo wa Jehova wa tuka hara bona, wa qeta karolo ya diahelo e kamorao.


Le bona baditjhaba ba leng hara bona ba tshwarwa ke boshwata; esita le bona bana ba Iseraele ba boela ba lla, ba re:


Miriame le Aarone ba seba Moshe, bakeng sa mosadi wa Kushe, eo a neng a mo myetse; hobane o ne a nyetse mosadi wa Kushe; ba re:


Jehova a re ho Moshe: Na setjhaba sena se tla nnyedisa ho isa neng na? Na se tla hana ho isa neng ho dumela ho nna, se sa re letho ka mehlolo yohle eo ke e entseng hara sona na?


Bana ba Iseraele bohle ba dumaduma ka Moshe le ka Aarone, mme phutheho yohle ya re ho bona: Jo! hoja ra mpa ra shwela fatsheng la Egepeta! hoja ra timela lefeelleng lena!


haese Kalebe, mora Jefunne, Mokenise, le Joshua, mora Nune, ba ileng ba kgomarela Jehova hantle.


Jesu a re ho yena: Ho ngodilwe hape, ho thwe: O se ke wa leka Morena, Modimo wa hao.


Empa Modimo ha o a ka wa kgahliswa ke ba bangata hara bona, haele moo ba rapaladitswe feelleng.


Le hona re se ke ra leka Kreste, jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba mo leka, mme ba bolailwe ke dinoha.


Hopola, o se lebale, kamoo o halefisitseng Jehova, Modimo wa hao kateng, feelleng lena; ho qala ka letsatsi leo o tswileng lefatsheng la Egepeta ka lona ho tlisa ho leo le fihlileng ka lona bakeng sena, le nnile la ikgantshetsa Jehova.


moo bontata lona ba ntekileng, ba nkgathaditseng, mme ba bone mesebetsi ya ka ka dilemo tse mashome a mane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos