Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 19:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Empa eitse ba eso ho robale, banna ba motse, bona banna ba Sodoma, ba bokanela ntlo, bana le ba hodileng, batho kaofelafela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Empa yare ho eso robalwe, banna ba motse, banna ba Sodoma, bahlankana le maqheku, banna bohlebohle, ba etsetsa ntlo sakanalankope.

Ver Capítulo Copiar




Genese 19:4
12 Referencias Cruzadas  

Empa batho ba Sodoma e ne e le balotsana, e le baetsadibe pela Jehova ka ho fetisisa.


Yaba Jehova o re: Erekaha mohoo o tswang Sodoma le Gomora o le moholo, mme sebe sa bona se atile haholo,


Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya ngangisana le Moshe le Aarone lefeelleng.


O se ke wa latela bongata ho ya etsa tse mpe; hape nyeweng o se ke wa bua o sekamela bongateng, ho kgopamisa ho loka.


Hobane ha ba na ho robala ba eso ho ka ba etsa bobe; ba fadimehiswa ke ho ngongoreha, ha ba sa ka ba diha motho pele.


ke pelo e rerang merero e mebe, le maoto a lebelo ho mathela bobeng;


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba busa hammoho le bona, mme setjhaba sa ka se ikgahlisetsa teng. Le tla etsang qetellong?


Ba kena ka matsoho a mabedi bobeng, hore ba bo phethe: morena o a qela, moahlodi o ahlolela moputso, e moholo yena o bolela takatso e mpe ya moya wa hae; hammoho ba sothanya ditaba.


maoto a bona a lebelo ho ya tsholla madi;


Ba re ba sa thabisa dipelo tsa bona, bonang, banna ba motse, batho ba Beliale, ba teela ntlo hare, ba raha lemati, ba bolella monna ya tsofetseng, mong a ntlo, ba re: Ntshetsa ntle monna ya fapohetseng ha hao, re tle re mo tsebe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos