Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 19:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Empa a ba phehella haholo, ba ba ba fapohela ho yena, ba kena ka tlung ya hae; mme a ba etsetsa selallo, a ba apehela dinkgwana tse se nang ditomoso, mme ba eja.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Empa a a pheella ka matla, mme a fapohela ho yena, a kena tlung ya hae. A a lokisetsa dijo, a a phehela bohobe bo sa lomoswang, mme a eja.

Ver Capítulo Copiar




Genese 19:3
18 Referencias Cruzadas  

a re: Oho hle, beng ba ka, a le keng le fapohele tlung ya mohlanka wa lona, le robale teng, mme le hlatswe maoto a lona; le ntoo tsohela tseleng ya lona. Ba re: Tjhe, re tla mpe re robale lepatlelong.


Ngwana a hola, a ba a kgwiswa; mme Abrahama a etsa mokete o moholo ka letsatsi leo Isaaka a kgwiswang ka lona.


A re: Tloo, mohlohonolofatsuwa wa Jehova! O duletseng kantle na, kanthe ke se ke lokisitse ntlo le sebaka sa dikamele?


Yaba o ba etsetsa mokete, ba eja, ba enwa.


Mohlomong, Elisha a ya le Shuneme; ha bo ho le mosadi wa mofumahadi teng, a mo phehella ho ja bohobe. Enere ha a ntse a feta le teng, o ne a fapohela ha hae ho ja bohobe.


Le tla ja bohobe bo se nang ditomoso ka matsatsi a supileng, le tlose ditomoso matlung a lona ka tsatsi la pele; hobane ya ka jang bohobe bo nang le ditomoso ho qala ka tsatsi la pele ho isa ho la bosupa, motho eo o tla kgaolwa Iseraeleng.


Ba apeha dinkgwa tse sa lomoswang tsa hlama eo ba tswileng Egepeta le yona, hobane e ne e sa ka ya lomoswa, etswe ba ne ba potlakisitswe Egepeta, ba sitwa le ho e apeha, le mefaho ba sa ka ba iketsetsa yona.


ke re ho lona: Leha a ne a ke ke a tsoha ho mo fa kahobane ke motswalle wa hae, o tla tsoha, a mo fe hohle hoo a ho hlokang ka baka la phehello ya hae.


Morena a re ho mohlanka: Tswela ditseleng le pela metero, mme o kganne batho, ba kene, ntlo ya ka e be e tlale.


Levi a mo etsetsa mokete o moholo tlung ya hae, mme ho ne ho le sehlopha se seholo sa balekgetho, le sa ba bang ba dutseng le bona dijong.


A etsetswa selallo teng; Maretha o ne a ba sebeletsa; mme Lasaro e ne e le e mong wa ba dutseng dijong le yena.


A re etseng mokete ke hona, e seng ka ditomoso tsa kgale, kapa ka ditomoso tsa lonya le tsa bobe, e mpe e be ka mahobe a se nang ditomoso, a kgabane le a nnete.


Hobane lerato la Kreste le re tlamile; re tswe re dumetse hoba, e mong ha a shwetse bohle, bohle le bona ba shwele;


Le se ke la lebala ho amohela baeti; hobane ba bang, ka ho etsa jwalo, ba amohetse mangeloi ha bona, ba sa tsebe.


Yaba Gideone o ya, a lokisa potsanyane, a nka le efa ya phofo, a etsa dinkgwana tse se nang ditomoso; a bea nama serotong, a tshela moro pitseng; a mo tlisetsa tsona tlasa sefate sa terebinthe, mme a mmeela tsona.


Mosadi eo o ne a na le namane e nonneng hae; a phakisa a e hlaba; a nka le phofo, a e duba, a apeha ka yona bohobe bo sa lomoswang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos