le ba ntlo ya Josefa kaofela, le banababo, le ntlo ya ntatae; ha sala bana ba bona, le manku le makgomo a bona feela naheng ya Goshene.
Eksoda 10:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moshe a re: Re tla ya, re na le bahlankana ba rona le maqheku a rona; re ye le bara ba rona le baradi ba rona, ka manku a rona le makgomo a rona, hobane re etsetsa Jehova mokete. BIBELE Moshe a re: “Re tla ya le bana ba rona, le maqheku a rona; re tla ya le bara ba rona, le baradi ba rona; le mehlape ya rona ya dinku, le mehlape ya rona ya dikgomo, hobane re lokela ho etsetsa Morena mokete.” |
le ba ntlo ya Josefa kaofela, le banababo, le ntlo ya ntatae; ha sala bana ba bona, le manku le makgomo a bona feela naheng ya Goshene.
A re ho bona: Jehova a be le lona jwalo, jwalokaha ke fela ke tla le lokolla hore le tsamaye, lona le bana ba lona! Iponeleng, hobane kotsi e kapele ho lona.
E ka kgona le mehlape ya rona e tsamaye le rona; ho ke ke ha sala le tlhako, hobane re tla nka ho tsona, ha re sebeletsa Jehova, Modimo wa rona; etswe re ke ke ra tseba hoba e ka kgona re nyehelle Jehova ka dife, ho fihlela re ba re fihla teng.
Le nke le manku a lona, le makgomo a lona, kamoo le boletseng kateng, le tsamaye, le be le ntlhohonolofatse.
Bana ba Iseraele ba tloha Ramsese, ba ya Sukkothe, e le banna ba maoto ba dikete tse makgolo a tsheletseng, kantle ho bana.
Letshwele le kopakaneng la ya le bona, le mehlape ya manku le ya makgomo a mangata haholo.
Le je bohobe bo sa lomoswang ka matsatsi a supileng, mme tsatsi la bosupa ebe mokete wa Jehova.
Ba tla mamela lentswe la hao, mme o tla ya, wena le baholo ba Iseraele, ho morena wa Egepeta, mme le tla re ho yena: Jehova, Modimo wa Baheberu, o tlile ho rona, mme jwale, ako re dumelle; re ye tsela ya matsatsi a mararo lefeelleng, re tle re hlabele Jehova, Modimo wa rona, mahlabelo.
Hamorao, Moshe le Aarone ba tla ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Lokolla setjhaba sa ka, se yo nketsetsa mokete lefeelleng.
Ba re: Modimo wa Baheberu o itlhahisitse ho rona; ako re dumelle, re tsamaele lefeelleng matsatsi a mararo, re ye ho etsetsa Jehova, Modimo wa rona, sehlabelo, esere mohlomong a re wela hodimo ka lefu, leha e le ka lerumo.
O mpe o hopole Mmopi wa hao matsatsing a botjha ba hao, ho eso ho tle ditshiu tsa tlokotsi, ho eso ho fihle le dilemo tseo ka tsona o tla re: Ha ke sa kgahliswa ke tsona;
Ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, le tla ba le phutheho e kgethehileng; le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona. Le tla etsetsa Jehova mokete ka matsatsi a supileng.
Mme lona bontata bana, le se ke la halefisa bana ba lona; le mpe le ba hodise ka ho ba laya le ka ho ba rutela Moreneng.
Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.