Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 29:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, le tla ba le phutheho e kgethehileng; le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona. Le tla etsetsa Jehova mokete ka matsatsi a supileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 “ ‘Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, le tla ba le phutheho e halalelang. Le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe, mme le etsetse Morena mokete ka matsatsi a supileng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 29:12
16 Referencias Cruzadas  

Jeroboame a ntoo hloma mokete ka kgwedi ya boroba meno e le mmedi, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi, o kang mokete o etswang Juda; mme a hlaba mahlabelo aletareng. A etsa jwalo le Bethele, a hlabela manamane ao a a entseng, mme a bea Bethele baprista ba nqalo tse diphahameng, tse hahilweng ke yena.


Ba etsa le mokete wa Metlotlwane ka ho ya ka se ngodilweng, le ditjheso tsa tsatsi le leng le le leng ka palo ya tsona le ka taelo ya tsona; ka tsatsi le leng le le leng ha etswa se sa lona.


Ba fumana ho ngodilwe molaong oo Jehova a o laetseng ka Moshe, hore bana ba Iseraele ba tshwanetse ho aha metlotlwaneng ka mokete wa kgwedi ya bosupa,


Ha nna ha balwa bukeng ya molao wa Modimo ka tsatsi le leng le le leng, ho qala ka tsatsi la pele, ho isa ho la ho qetella. Ba etsa mokete ka tshiu tse supileng, mme ka la boroba meno e le mmedi ha etswa phutheho e kgolo haholo, kamoo taelo e neng e le kateng.


O boloke mokete wa kotulo, e leng dilopotsiya tsa mosebetsi wa hao, tsa tseo o nong o di jadile masimong: o boloke le mokete wa kotulo, ha ho fela selemo, e leng mohla o bokellang mofufutso wa mosebetsi wa hao masimong.


O etse mokete wa dibeke, e leng wa dilopotsiya tsa kotulo ya koro, le mokete wa kotulo, ha selemo se fela.


Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi, mohla mokete, o tla hlaba ntho di le ding ka matsatsi a supileng: sehlabelo se le seng sa sebe, setjheso se le seng, nyehelo e le nngwe, le ole e lekaneng.


Ka letsatsi la pele, le tla ba le phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong.


Ka kgwedi ya bosupa, ka tsatsi la pele la kgwedi, le tla ba le phutheho e kgethehileng; le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona. E tla ba letsatsi la ho letsa diterompeta haholo.


Le tla hlahisa sehlabelo se tjheswang ka mollo, e be setjheso se monko o monate ho Jehova, e leng dipohwana tse leshome le metso e meraro, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse se nang sekodi, tse lemo se le seng.


Ka tsatsi la boroba meno e le mmedi, le tla ba le phutheho e phahameng; le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona.


Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos