Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 10:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 A re ho bona: Jehova a be le lona jwalo, jwalokaha ke fela ke tla le lokolla hore le tsamaye, lona le bana ba lona! Iponeleng, hobane kotsi e kapele ho lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Yaba Faro o re ho bona: “Morena a ke a be le lona, haeba le re, nka le lokolla le bana ba lona! Bonang, le na le morero a kgopo!

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 10:10
7 Referencias Cruzadas  

Jwale, ke re: Esekiase a se ke a le thetsa, a se ke a le phoma ka mokgwa oo, mme le se ke la mo dumela; hobane ha ho modimo, leha e le wa setjhaba sefe kapa wa mmuso ofe, o tsebileng ho namolela setjhaba sa wona matsohong a ka le matsohong a bontate; ha ho le jwalo, Modimo wa lona wona o ka sitwa hakakang ho le namolela matsohong a ka!


Le ho leka! Tsamayang, lona le leng banna, le ye ho sebeletsa Jehova, hobane ke yona taba eo le e qetseng. Yaba ba tebelwa pontsheng ya Faro.


Yaba Faro o bitsa Moshe, a re: Tsamayang, le ye ho sebeletsa Jehova, empa feela ha ho sale manku a lona le makgomo a lona, le ye le bana ba lona.


Moshe a re: Re tla ya, re na le bahlankana ba rona le maqheku a rona; re ye le bara ba rona le baradi ba rona, ka manku a rona le makgomo a rona, hobane re etsetsa Jehova mokete.


Jehova o ne a ba eteletse pele ka topallo ya leru motshehare, ho ba bontsha tsela, le bosiu ka topallo ya mollo ho ba bonesetsa, hore ba tsamaye motshehare le bosiu.


Ke mang ya ka bolelang taba e ka etsahalang, ha Morena a sa laele?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos