Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 10:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Moshe a re: Re tla ya, re na le bahlankana ba rona le maqheku a rona; re ye le bara ba rona le baradi ba rona, ka manku a rona le makgomo a rona, hobane re etsetsa Jehova mokete.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Moshe a re: “Re tla ya le bana ba rona, le maqheku a rona; re tla ya le bara ba rona, le baradi ba rona; le mehlape ya rona ya dinku, le mehlape ya rona ya dikgomo, hobane re lokela ho etsetsa Morena mokete.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 10:9
19 Referencias Cruzadas  

le ba ntlo ya Josefa kaofela, le banababo, le ntlo ya ntatae; ha sala bana ba bona, le manku le makgomo a bona feela naheng ya Goshene.


A re ho bona: Jehova a be le lona jwalo, jwalokaha ke fela ke tla le lokolla hore le tsamaye, lona le bana ba lona! Iponeleng, hobane kotsi e kapele ho lona.


E ka kgona le mehlape ya rona e tsamaye le rona; ho ke ke ha sala le tlhako, hobane re tla nka ho tsona, ha re sebeletsa Jehova, Modimo wa rona; etswe re ke ke ra tseba hoba e ka kgona re nyehelle Jehova ka dife, ho fihlela re ba re fihla teng.


Le nke le manku a lona, le makgomo a lona, kamoo le boletseng kateng, le tsamaye, le be le ntlhohonolofatse.


Bana ba Iseraele ba tloha Ramsese, ba ya Sukkothe, e le banna ba maoto ba dikete tse makgolo a tsheletseng, kantle ho bana.


Letshwele le kopakaneng la ya le bona, le mehlape ya manku le ya makgomo a mangata haholo.


Le je bohobe bo sa lomoswang ka matsatsi a supileng, mme tsatsi la bosupa ebe mokete wa Jehova.


Ba tla mamela lentswe la hao, mme o tla ya, wena le baholo ba Iseraele, ho morena wa Egepeta, mme le tla re ho yena: Jehova, Modimo wa Baheberu, o tlile ho rona, mme jwale, ako re dumelle; re ye tsela ya matsatsi a mararo lefeelleng, re tle re hlabele Jehova, Modimo wa rona, mahlabelo.


Hamorao, Moshe le Aarone ba tla ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Lokolla setjhaba sa ka, se yo nketsetsa mokete lefeelleng.


Ba re: Modimo wa Baheberu o itlhahisitse ho rona; ako re dumelle, re tsamaele lefeelleng matsatsi a mararo, re ye ho etsetsa Jehova, Modimo wa rona, sehlabelo, esere mohlomong a re wela hodimo ka lefu, leha e le ka lerumo.


Tlotlisa Jehova ka moruo wa hao, le ka dilopotsiya tsa tsohle tse o atetseng.


O mpe o hopole Mmopi wa hao matsatsing a botjha ba hao, ho eso ho tle ditshiu tsa tlokotsi, ho eso ho fihle le dilemo tseo ka tsona o tla re: Ha ke sa kgahliswa ke tsona;


Ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, le tla ba le phutheho e kgethehileng; le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona. Le tla etsetsa Jehova mokete ka matsatsi a supileng.


Mme lona bontata bana, le se ke la halefisa bana ba lona; le mpe le ba hodise ka ho ba laya le ka ho ba rutela Moreneng.


Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos