mme diqwapi tse otileng tsa metsa diqwapi tse supileng tse ntle. Ke boleletse dinohe, empa ha ho motho ya mphuthollelang.
Daniele 4:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ho tliswa babohlale, le dinohe, le Bakalde, le balepi ba dinaledi; ka ba bolella toro, empa ba sitwa ho nkwahollela yona. BIBELE Yaba ho tla dinohe, le balepi ba dinaledi, le Bakalatiya, le badupi, mme ka ba phetela toro ena; feela ba sitwa ho ntlhalosetsa yona. |
mme diqwapi tse otileng tsa metsa diqwapi tse supileng tse ntle. Ke boleletse dinohe, empa ha ho motho ya mphuthollelang.
Yare hosasa, moya wa hae wa be o tshohile; a romela ho bitsa dinohe kaofela tsa Egepeta, le ba bohlale ba teng. Yaba Faro o ba bolella ditoro tsa hae, empa ha ho a ka ha eba le a mong ho bona ya tsebang ho di phuthollela Faro.
ke fosisang dipontsho tsa baporofeta ba leshano, ke thotofatsang dinohe, ke suthisang ba bohlale kasanthao, ke fetolang bohlale ba bona bohlanya.
Bona, Assiria e ne e le kedare ya Lebanone, e ntle mahlomeleng a yona, e etsetsang moru moriti, e telele ho holeng ha yona, eo ntlha ya yona e neng e bonahala hara maru.
e be bahlankana ba se nang sekodi le letheba, ba difahleho tse ntle, ba bohlale, ba tswetseng pele tsebong, ba fetisang ka kelello, ba lokelang ho kena tshebeletsong ya ntlo ya borena; ba tla rutwa puo le mangolo a Bakalde.
Bakalde ba araba morena, ba re: Ha ho motho lefatsheng ya ka tsebang ho hlahisa se kopuwang ke morena, le hona ha ho morena leha e le e moholo, ya matla, ya kileng a batla ntho e jwalo ho mo bohlale, leha e le ho senohe, kapa ho Mokalde le ka mohla o le mong.
Daniele a araba pela morena, a re: Sephiri seo morena a kopang kwahollo ya sona, ha ho motho hara babohlale, leha e le ho baupelli, kapa ho dinohe, kapa ho balepi ba dinaledi, ya ka tsebang ho se senolela morena.
Ba boela ba araba, ba re: Morena a ke a bolelle bahlanka ba hae toro, mme re tla ntsha kwahollo ya yona.
Nna, morena Nebukadnesare, ke lorile toro eo, mme wena Beltsatsare, o nnee kwahollo ya yona, etswe ba bohlale kaofela ba mmuso wa ka ba sitwa ho ntsebisa yona; empa wena, o ka tseba, hobane o na le moya wa medimo e halalelang.
Morena a howa ka matla hore dinohe di tliswe, le Bakalde le balepi ba dinaledi. Yaba, morena o bua, a re ho babohlale ba Babilona: Motho leha e le mang ya tla bala lengolo leo, ya tla nkwahollela lona, o tla apeswa purepera, a rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng, a fuwe tulo ya boraro mmusong wa ka.
Yaba babohlale bohle ba morena ba kena; empa ba sitwa ho bala lengolo leo, leha e le ho kwahollela morena taba tsa lona.