Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 5:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Yaba babohlale bohle ba morena ba kena; empa ba sitwa ho bala lengolo leo, leha e le ho kwahollela morena taba tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Yaba bahlalefi bohle ba kgosi ba a kena, empa ba hlolwa ho bala mongolo, kapa ho hlalosetsa kgosi seo o se bolelang.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 5:8
9 Referencias Cruzadas  

Yare hosasa, moya wa hae wa be o tshohile; a romela ho bitsa dinohe kaofela tsa Egepeta, le ba bohlale ba teng. Yaba Faro o ba bolella ditoro tsa hae, empa ha ho a ka ha eba le a mong ho bona ya tsebang ho di phuthollela Faro.


Athe o tla hlahelwa ke ntho tsena tse pedi ka tsatsi le le leng: ho hloka bana le bohlolohadi; di tla o hlahela ka sebele sa tsona, leha o ka thiba ka bongata ba boloi ba hao le ka bongata bo fetisisang ba boupelli ba hao.


Lerumo le hodima Bakalde, ho bolela Jehova, le hodima baahi ba Babilona, le hodima marena a hae, le hodima ba bohlale ba hae.


Daniele a araba pela morena, a re: Sephiri seo morena a kopang kwahollo ya sona, ha ho motho hara babohlale, leha e le ho baupelli, kapa ho dinohe, kapa ho balepi ba dinaledi, ya ka tsebang ho se senolela morena.


Nna, morena Nebukadnesare, ke lorile toro eo, mme wena Beltsatsare, o nnee kwahollo ya yona, etswe ba bohlale kaofela ba mmuso wa ka ba sitwa ho ntsebisa yona; empa wena, o ka tseba, hobane o na le moya wa medimo e halalelang.


Nna, Nebukadnesare, ke ne ke phela ka boiketlo ka tlung ya ka, le ka lehlohonolo tlung ya ka ya borena;


Yaba ho tliswa babohlale, le dinohe, le Bakalde, le balepi ba dinaledi; ka ba bolella toro, empa ba sitwa ho nkwahollela yona.


Jwale, babohlale le dinohe ba tlisitswe pela ka ho bala lengolo leno, le ho nkwahollela taba tsa lona, empa ba sitilwe ho nkwahollela taba ya teng. Empa ke utlwile hore wena o tseba ho fa motho kwahollelo le hlalosetso ya dipotso tse thata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos