Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 5:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Morena a howa ka matla hore dinohe di tliswe, le Bakalde le balepi ba dinaledi. Yaba, morena o bua, a re ho babohlale ba Babilona: Motho leha e le mang ya tla bala lengolo leo, ya tla nkwahollela lona, o tla apeswa purepera, a rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng, a fuwe tulo ya boraro mmusong wa ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Kgosi ya howeletsa hore ho bitswe balepi ba dinaledi, le Bakalaitya, le badupi. Ya bua le dinohe tsa Babilona, ya re: “Mang kapa mang ya ka balang mongolo ona, mme a ntlhalosetsa seo o se bolelang, o tla apeswa diaparo tse perese, a rweswe sekgama sa kgauta molaleng, e be mmusi wa boraro pusong ena ya ka.”

Ver Capítulo Copiar




Daniele 5:7
28 Referencias Cruzadas  

Yare hosasa, moya wa hae wa be o tshohile; a romela ho bitsa dinohe kaofela tsa Egepeta, le ba bohlale ba teng. Yaba Faro o ba bolella ditoro tsa hae, empa ha ho a ka ha eba le a mong ho bona ya tsebang ho di phuthollela Faro.


Kamora tseo, morena Assueruse a phahamisa Hamane, mora Hammedatha, Moagage; a mo hodisa, a phahamisa tulo sa hae ho feta tsa mahosana wohle ao a nang le wona.


Yaba Faro o bitsa dingaka le baupelli, mme le bona, ka ha e ne e le bahlalefi ba Egepeta, ba etsa jwaloka boupelli ba bona.


hobane e tla ba meqhaka e o kgabisang hlooho, le letjekwana le bohehang molaleng wa hao.


Marama a hao a matle dipakeng tsa meqhaka, le molala wa hao dipakeng tsa masihla.


O ikgathaditse ka ho botsa dikeletso haholo; a ba ke ba eme, ba o pholose, bona ba tsebang lehodimo, ba lekolang dinaledi, ba o bolellang, ha kgwedi e roha, tseo o tla hlahelwa ke tsona.


Lerumo le hodima Bakalde, ho bolela Jehova, le hodima baahi ba Babilona, le hodima marena a hae, le hodima ba bohlale ba hae.


Ka ba ka o tlatlapetsa mekgabo; ka o rwesa mefitshana matsohong, le sefaha molaleng;


Tabeng tsohle tsa tsebo le tsa kelello tseo morena a ba botsitseng tsona, a fihlela hobane ba fetisa babohlale bohle le dinohe tse leng teng mmusong wa hae wohle haleshome.


e be bahlankana ba se nang sekodi le letheba, ba difahleho tse ntle, ba bohlale, ba tswetseng pele tsebong, ba fetisang ka kelello, ba lokelang ho kena tshebeletsong ya ntlo ya borena; ba tla rutwa puo le mangolo a Bakalde.


Yaba morena o laela hore ba bohlale, le dinohe, le baupelli, le Bakalde ba bitswe, ba tle ba kwahollele morena ditoro tsa hae; ba tla, ba itlhahisa pela morena.


Daniele a araba pela morena, a re: Sephiri seo morena a kopang kwahollo ya sona, ha ho motho hara babohlale, leha e le ho baupelli, kapa ho dinohe, kapa ho balepi ba dinaledi, ya ka tsebang ho se senolela morena.


Yaba morena o phahamisa Daniele, a mo abela dineo tse ngata, tse kgolohadi, a mmea mmusisi wa naha yohle ya Babilona, le motsamaisi wa babohlale bohle ba Babilona.


Empa ha le ka ntekanyetsa toro le kwahollo ya yona, le tla bona dimpho le meputso le hlompho e fetisisang ho nna; hlong le ntekanyetse toro le kwahollo ya yona.


A howa ka lentswe le phepa, a bolela, a re: Remang sefate, le hlaphole makala a sona; fohlang mahlaku a sona, le hasakanye ditholwana tsa sona, diphoofolo di balehele moriti wa sona, dinonyana tsa lehodimo di tlohe makaleng a sona.


Motho o teng mmusong wa hao eo moya wa medimo e halalelang o leng ho yena; mehleng ya ntatao ho ne ho fumanwe ho yena lesedi, kelello le bohlale bo kang bohlale ba medimo; mme ntatao, morena Nebukadnesare, ntatao, morena, o ne a mmeile hlooho ya dinohe, le ya baupelli, le ya Bakalde, le ya balepi ba dinaledi,


Jwale, babohlale le dinohe ba tlisitswe pela ka ho bala lengolo leno, le ho nkwahollela taba tsa lona, empa ba sitilwe ho nkwahollela taba ya teng. Empa ke utlwile hore wena o tseba ho fa motho kwahollelo le hlalosetso ya dipotso tse thata.


Ha o fela o ka bala lengolo leno, wa ntsebisa taba tsa lona, o tla apeswa purepera, o rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng wa hao, o bewe tulong ya boraro mmusong wa ka.


Yaba, ka taelo ya Belshatsare, Daniele o apeswa purepera, a rweswa lehlaahlela la kgauta molaleng, mme ha bolelwa pela hae hoba o tla dula tulong ya boraro ya mmuso.


hobane ke tla o hlompha haholo, mme ke tla etsa tsohle tseo o tla mpolella tsona; ke a o rapela, tloo o nthohakele setjhaba seo.


Baholo ba Moabe le baholo ba Midiane ba tloha, ba nketse senohe dimpho. Ba fihla ho Balaame, bo mo phetela mantswe a Balake.


Tloha jwale, o ye ha eno! Ke ne ke itse, ke tla o hlompha ka dimpho tse kgolo, empa Jehova o o sitisitse ho di nka.


Banna ba Iseraele, ba re: Na le mmone monna eo ya tlileng na? Efela o tlile ho nyedisa Iseraele; ya ka mmolayang morena o tla mo ruisa leruo le leholo, a mo nee le moradi wa hae, mme a laele hore ntlo ya ntatae e se ke ya ntsha lekgetho Iseraeleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos