Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 5:8 - BIBELE

8 Yaba bahlalefi bohle ba kgosi ba a kena, empa ba hlolwa ho bala mongolo, kapa ho hlalosetsa kgosi seo o se bolelang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Yaba babohlale bohle ba morena ba kena; empa ba sitwa ho bala lengolo leo, leha e le ho kwahollela morena taba tsa lona.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 5:8
9 Referencias Cruzadas  

Hoseng a tsoha moya wa hae o tshwenyehile; a re ho latwe dinohe tsohle tsa Egepeta, le bahlalefi bohle ba hona teng. Faro a ba phetela toro ya hae, empa ha se ke ha eba le ya mong ya ka mo hlalosetsang yona.


Empa tsena tse pedi di tla o kgaoletsa, ka ho panya ha ntshi, ka tsatsi le le leng: Ho shwelwa ke bana le ho ba mohlolohadi. Di tla o wela hodimo ka matla a maholo, di sa re letho ka boloi ba hao, di sa re letho ka boreba ba hao.


“Sabole e supile setjhaba, tjhaba sa Bakalatiya,” ho rialo Morena. “Baahi ba Babilona le bona e ba supile, e supile babusi ba yona le bahlalefi!


Daniele a araba kgosi e ntse e utlwa, a re: “Sephiri seo kgosi e ratang ho se tseba se ke ke sa hlaloswa ke bahlalefi, balepi ba dinaledi, baloi kapa dinohe.


“Ena ke toro eo nna kgosi Nebukadenesare, ke ileng ka e lora. Jwale wena Beleteshasare, ntlhalosetse yona, hobane bahlalefi bohle ba mmuso wa ka ba hlotswe ho ntlhalosetsa yona. Empa wena o ka etsa jwalo, hobane moya wa medimo e halalelang o teng ka ho wena.”


“Nna Nebukadenesare, ke ne ke le ha ka, ke phomotse, ke le ka tlung ya ka ya bokgosi, ke iketlile.


Yaba ho tla dinohe, le balepi ba dinaledi, le Bakalatiya, le badupi, mme ka ba phetela toro ena; feela ba sitwa ho ntlhalosetsa yona.


Bahlalefi le balepi ba dinaledi ba ile ba tliswa kapele ho nna hore ba bale mongolo ona, mme ba ntlhalosetse seo o se bolelang, empa ba ile ba sitwa ho ntlhalosetsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos