Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 4:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ho feleng, ha hlaha Daniele pela ka, ya reilweng Beltsatsare, e leng lebitso la modimo wa ka, eo moya wa medimo e halalelang o leng ho yena; ka mmolella toro, ka re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Qetellong Daniele o ile a tla ho nna. Lebitso la hae ke Beleteshasare, hobane o reeletswe modimo wa ka, o bile o na le moya wa medimo e halalelang ka ho yena. Ke ile ka mo phetela toro ya ka, ka re:

Ver Capítulo Copiar




Daniele 4:8
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Faro o re ho bahlanka ba hae: Na re ka hla ra fumana motho ya tshwanang le enwa, eo Moya wa Modimo o leng ho yena?


Bele o rapaladitswe, Nebo o dihilwe; ditshwantsho tsa bona di belesitswe ka dipelesa le ka diphoofolo, ditshwantsho tseo le neng le di jara di imela dipelesa tse kgathetseng ka boima ba tsona.


Yaba setjhaba sa hae se elellwa mehla ya kgale ya Moshe, sa re: O kae ya ba ntshitseng lewatleng, ba ena le modisa wa mohlape wa hae? O kae ya neng a bea Moya wa hae o Halalelang hara bona;


Tsebisang sena hara ditjhaba, le se tumise, le emise folaga; se tsebiseng, le se ke la se pata, le re: Babilona o hapilwe, Bele o hlabisitswe dihlong, Merodake o swabile; ditshwantsho tsa hae di hlabisitswe dihlong, medimo ya hae e robakilwe dikoto.


Ke tla le hloma thabeng e telele ya Iseraele; le tla hlomela, le be le behe ditholwana, le fetohe kedare e ntlentle; tlasa yona, ho tla haha dinonyana tsohle, tsohle tse nang le dipheo; di tla haha matlo a tsona moriting wa makala a yona.


Mme hlooho ya matona ya ba rea mabitso a mang, ya rea Daniele lebitso la Beltsatsare, Hanania la Shadrake, Mishaele la Meshake, le Asaria la Abede-Nego.


Taba e batlwang ke morena e thata haholo; ha ho e mong ya ka e senolelang morena, haese medimo e sa ahang hara batho.


Morena a bua, a re ho Daniele ya neng a reilwe lebitso la Beltsatsare: Na o ka tseba ho mpolella toro eo ke e lorileng le kwahollo ya yona na?


Nebukadnesare a bua, a re ho bona: Lona Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, hleka le entse ka boomo na, ha le sa sebeletse medimo ya ka, le sa kgumamele setshwantsho sa kgauta seo ke se emisitseng na?


Nna, morena Nebukadnesare, ke lorile toro eo, mme wena Beltsatsare, o nnee kwahollo ya yona, etswe ba bohlale kaofela ba mmuso wa ka ba sitwa ho ntsebisa yona; empa wena, o ka tseba, hobane o na le moya wa medimo e halalelang.


Beltsatsare, hlooho ya babohlale, erekaha ke tseba hoba moya wa medimo e halalelang o teng ho wena, le hoba ha o kgahlwe ke sephiri leha e ka ba sefe le sefe, o qaqise dipono tseo ke di lorileng, le kwahollo ya tsona.


Ke utlwile ha ho bolelwa, ho thwe, moya wa Modimo o ho wena, le hoba ho fumanwa ho wena lesedi, le kutlwisiso, le bohlale bo phahamileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos