A mpa a nyonya ho isa letsoho ho Mordekai a nnotshi, kahobane a ne a boleleletswe mofuta wa Mordekai; ka baka leo, Hamane a batla kamoo a ka fedisang mofuta wa Mordekai kateng, e leng Bajuda ba mmusong wohle wa Assueruse.
e be bahlankana ba se nang sekodi le letheba, ba difahleho tse ntle, ba bohlale, ba tswetseng pele tsebong, ba fetisang ka kelello, ba lokelang ho kena tshebeletsong ya ntlo ya borena; ba tla rutwa puo le mangolo a Bakalde.
Bakalde ba araba morena, ba re: Ha ho motho lefatsheng ya ka tsebang ho hlahisa se kopuwang ke morena, le hona ha ho morena leha e le e moholo, ya matla, ya kileng a batla ntho e jwalo ho mo bohlale, leha e le ho senohe, kapa ho Mokalde le ka mohla o le mong.
Yaba morena o laela hore ba bohlale, le dinohe, le baupelli, le Bakalde ba bitswe, ba tle ba kwahollele morena ditoro tsa hae; ba tla, ba itlhahisa pela morena.
Ha ho le jwalo, eitse ha ba utlwa modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le diletsa kaofela, batho bohle, le ba ditjhaba, le ba dipuo, ba kgumama pela setshwantsho sa kguata seo morena Nebukadnesare a se emisitseng.
Yaba mahosana le marenana a batla sebaka sa ho qosa Daniele mosebetsing wa mmuso oo a o sebetsang, empa ha a ka a fumana sebaka sa molato, leha e le tlolo, etswe e be e le motho ya tshepehang, mme ho ne ho sa fumanwe tshito ho yena, leha e le bokgopo.