Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 3:8 - BIBELE

8 Ka yona nako eo, Bakalatiya ba bang ba fihla ba qosa Bajuda.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka nako yona eo, Bakalde ba bang ba atamela, ba qosa Bajuda;

Ver Capítulo Copiar




Daniele 3:8
14 Referencias Cruzadas  

Hoba Hamane a utlwe hore Moredekai ke wa setjhaba sefe, a bona ho sa tshwanele hore a bolaye yena feela. Yaba o rera hore a bolaye setjhaba sohle sa habo Moredekai, e leng Bajuda bohle ba dinaheng tsohle tse buswang ke Ahashuerushe.


A re e be bahlankana ba se nang sepha, ba ditjaka, ba rutilweng bohlale bohle, ba nang le tsebo, ba dikelello di tjhatsi, ba ka tsebang ho sebetsa ka tlung ya kgosi. E be ba ka rutwang puo le dingodilweng tsohle tsa Bakalatiya.


Bakalatiya ba araba kgosi, ba re: “Ha ho motho le ya mong mona lefatsheng ya ka bolellang kgosi seo e ratang ho se tseba! Ka baka leo, ha ho kgosi, leha e ka ba e kgolo kapa e matla, e kileng ya botsa senohe, kapa molepi wa dinaledi, kapa Mokalatiya ofe le ofe dintho tse tjena.


Yaba kgosi e laela hore e bitsetswe dinohe, le balepi ba dinaledi, le baloi, le Bakalatiya, hore ba tlo e hlalosetsa toro eo e e lorileng. Ba fela ba tla, ba fihla ba ema kapele ho kgosi.


Ka baka leo eitse hanghang ha ho utlwahala ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se dikgwele di leshome, le mmino wa mefuta yohle, batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba itihela fatshe, ba kgumamela setshwantsho sa kgauta seo kgosi Nebukadenesare a neng a se emisitse.


Yaba ho tla dinohe, le balepi ba dinaledi, le Bakalatiya, le badupi, mme ka ba phetela toro ena; feela ba sitwa ho ntlhalosetsa yona.


Yaba baokamedi le mahosana ba batla leqheka leo ba ka qosang Daniele ka lona, malebana le kamoo a busang kateng, empa ba sitwa ho fumana leqheka kapa wona molato. Kaha a ne a tshepahala, ha ba a ka ba fumana phoso kapa molato ho yena.


Empa re fumana ho lokela ho utlwa tseo wena o di hopolang, hobane seo re se tsebang ke hore, ha e le mokga ona, o hanyetswa hohle.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos