Morena wa Borwa o tla halefisisa, mme o tla futuha, a lwane le morena wa Leboya; o tla mema makgotla a maholo, mme makgotla a morena wa Leboya a tla neelwa matsohong a hae.
Daniele 11:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Morena wa Borwa o tla ipha matla, mme e mong wa mahosana a hae o tla mo fetisa ka matla; o tla busa, mme mmuso wa hae e tla ba mmuso o matla haholo. BIBELE “Kgosi ya Egepeta e tla ba matla, empa e mong wa balaodi ba yona o tla ba matla ho e feta, a be a okamele mmuso o fetang wa kgosi eo. |
Morena wa Borwa o tla halefisisa, mme o tla futuha, a lwane le morena wa Leboya; o tla mema makgotla a maholo, mme makgotla a morena wa Leboya a tla neelwa matsohong a hae.
Mehleng eo, ba bangata ba tla tsohela morena wa Borwa matla, mme bahale ba setjhaba sa hao ba tla ikgantsha, ba tle ba phethe pono eo, empa ba tla wa.
Mme o tla ipha matla, a tiye pelo ho futuhela morena wa Borwa ka makgotla a mangata, mme morena wa Borwa o tla futuha ka makgotla a maholo a fetisang ka matla, empa a ke ke a tiya, hobane ba tla loha mano ho mo senya.
Mehleng ya qetello, morena wa Borwa o tla thulana le yena, mme morena wa Leboya o tla boela a futuhe ho ya mo patela, ka mokoloi, le ka ba kaletsang dipere, le ka dikepe tse ngata; o tla tswela dinaheng, a rwallele, a hohoretse.
Dipere tsa koloi e nngwe, e leng tse ntsho, di tswela lefatsheng la Leboya, tse tsweu di latela mehlaleng ya tsona, tse phatswa di tswela lefatsheng la Borwa;