Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 11:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Etlare ha a se a phahame, mmuso wa hae o tla robakwa dikoto, o arolelwe meya e mene ya mahodimo, empa e ke ke ya eba wa ditloholo tsa hae, mme matla a wona a ke ke a lekana le matla a wona a pele, hobane mmuso wa hae o ya haholwa, o arolelwe basele, o seng bao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ha e se e phahame, mmuso wa yona o tla wa, o arolwe dikarolo tse nne. Dikgosi tseo e seng ditloholo tsa kgosi eo di tla busa tulong tsa yona, hobane mmuso wa yona o tla fediswa, o newe dikgosi disele, empa di ke ke tsa eba le matla ao e neng e busa ka wona.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:4
24 Referencias Cruzadas  

Efela motho o itsamaela jwaloka seriti, o a dumaduma, o ikgathaletsa ntho e fetang; o ipokellela maruo, mme ha a tsebe hobane a ya jewa ke mang!


Ke motho ya dutseng a nnotshi, ya se nang wa bobedi ho yena, ya se nang leha e le mora, leha e le ngwanabo; leha ho le jwalo, mokgathala wa hae ha o fele, le wona mahlo a hae ha a kgore moruo ... Ke ikgathaletsa mang, mme ke tima moya wa ka lehlohonolo ka baka la mang? Hoo le hona ke lefeela, ke mokgathala o bohloko.


Empa ha ke se ke ba epolotse, ke sa tla boela ke ba hauhele; ke tla ba busetsa e mong le e mong lefeng la hae, e mong le e mong naheng ya hae.


Empa ekare ha ba sa utlwe, setjhaba seo ke tla se epolla, ke be ke se epolle, ke se timeletse, ho bolela Jehova.


Ere ha ke bolela setjhaba kapa mmuso, hore ke tla se epolla, ke se heletse, ke se imetse,


Kgohlo yohle ya ditopo le ya molora, le sebaka kaofela ho isa molatswaneng wa Kedrone ho fihla koung ya monyako wa Dipere, ka nqa botjhabela, e tla ba tse kgethetsweng Jehova; ha ho sa tla ripitlwa, ha ho sa tla senngwa le ka ho sa feleng.


O tle o mmolelle, o re: Ho itswe ke Jehova: Bona, seo ke se hahileng ke ya se ripitla, seo ke se hlomileng ke tla se epolla; ho tla ba jwalo le lefatshe lena kaofela.


Ke tla hlahisetsa Elame meya e mene e tswang ntlheng tse nne tsa lehodimo, ke ba hasanyetse meyeng eo yohle, ho tle ho se be setjhaba seo bajaki ba Elame ba sa fihleng ho sona.


Yaba o re ho nna: Porofetela moya, o porofete, mora motho; ere ho moya: Morena Jehova o re: Moya, tswa meyeng e mene, o budulele ditopo tsena, hore di phele.


Daniele a bua, a re: Diponong tsa ka tsa bosiu ha ke tadima, ka bona meya e mene ya lehodimo e tsohile matla hodima lewatle le leholo.


Kamora seo, ha ke boela ke tadima, ka bona sebatana se seng se kang lengau, se ena le mapheo a mane a manong mokokotlong wa sona; sebatana seo se ne se na le dihlooho tse nne, mme sa newa borena.


Ha ke boha manaka ao, ka bona lenakana le leng le hlaha pakeng tsa a mang, mme manaka a pele a mararo a kgorolwa ke lona; mme bonang, lenakana leo le ne le na le mahlo a kang mahlo a motho, le molomo o buang ka boikakaso.


Lenaka le kgorohileng, leo manaka a mane a medileng sebakeng sa lona, le lekanya hore mebuso e mene e tla tswa setjhabeng seo, empa e ke ke ya eba le matla a sona.


Yaba phooko e natlafala ka ho fetisisa, mme eitse hobane e fihle matleng a yona, lenaka le lelelele la kgoroha; bakeng sa lona ha mela manaka a mane a bonahalang ho lebana le meya e mene ya lehodimo.


Jo! jo! balehang, lona ba leng naheng ya Leboya, ho bolela Jehova, hobane ke le qhalanyeditse meyeng e mene ya lehodimo, ho bolela Jehova.


Yaba lengeloi le nkarabela, la re: Tseo ke meya e mene ya lehodimo e tswang moo e emang pela Morena wa lefatshe lohle.


Athe Jesu a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho bona: Mmuso o mong le o mong o kgaohaneng ho itwantsha o tla fetoha lesupi; le motse o mong le o mong, leha e le ntlo e kgaohaneng ho itwantsha, e ke ke ya tiya.


Empa Modimo wa re ho yena: Lewatla towe! Ka bosiu bona, moya wa hao o tla latwa ho wena; mme dintho tseo o di lokisitseng, e tla ba tsa mang na?


Kamora tseo, ka bona mangeloi a mane a eme dikgutlong tse nne tsa lefatshe, a thibetse meya e mene ya lefatshe, hore ho se ke ha eba moya o fokelang lefatsheng, le lewatleng, leha e le sefateng se le seng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos