Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 11:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Morena wa Borwa o tla halefisisa, mme o tla futuha, a lwane le morena wa Leboya; o tla mema makgotla a maholo, mme makgotla a morena wa Leboya a tla neelwa matsohong a hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 “Kgosi ya Egepeta e tla tlokoma ke kgalefo, e futuhele kgosi ya Siria. Kgosi eo ya Siria e tla kgobokanya mabotho a mangata, empa a tla hlolwa.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:11
13 Referencias Cruzadas  

Yaba ho fihla moporofeta e mong ho Akabe, morena wa Iseraele, a re: Jehova o re: Na bongata boo bo boholo o bo bone na? Bona, ke ya bo neela matsohong a hao kajeno, o tle o tsebe hobane ke nna Jehova.


Ha tla monna wa Modimo, a re ho morena wa Iseraele; Jehova o re: Ka baka la hobane Basiria a ba itse: Jehova ke modimo wa dithaba, hase modimo wa mahwatata, ke tla neela bongata boo bo boholo matsohong a hao, le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.


Kgalefo ya motho e tla o fetohela thoriso; ka kgalefo e setseng ho wena o tla itlama letheka.


Mme jwale, ke neela mafatshe ana wohle matsohong a Nebukadnesare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka; ke mo neela le tsona diphoofolo tsa naha, di tle di mo sebeletse.


Mme makgotla a hae a tla ikakasa, pelo ya hae e ikgohomose hampe, mme o tla diha mashome a dikete; leha ho le jwalo, a ke ke a hlola.


Mehleng ya qetello, morena wa Borwa o tla thulana le yena, mme morena wa Leboya o tla boela a futuhe ho ya mo patela, ka mokoloi, le ka ba kaletsang dipere, le ka dikepe tse ngata; o tla tswela dinaheng, a rwallele, a hohoretse.


Empa botjhabela le leboya, ho tla tswa medumo e tlang ho mo tshosa, mme o tla futuha ka kgalefo e kgolo ho ya bolaya le ho senya ba bangata.


Morena wa Borwa o tla ipha matla, mme e mong wa mahosana a hae o tla mo fetisa ka matla; o tla busa, mme mmuso wa hae e tla ba mmuso o matla haholo.


hohle moo bana ba batho, le diphoofolo tsa naha, le dinonyana tsa lehodimo, di ikahetseng teng, o di beile matsohong a hao, o o entse morena wa tsona tsohle; hlooho ya kgauta ke wena.


Ka e bona e teana le pheleu, e e halefetse: ya thesela pheleu, ya e kgorola dinaka tse pedi tsa yona; mme matla a hlokahala pheleung a ho emellana le yona ya e lahlela fatshe, ya e hatakela, ho se motho ya e namolelang matleng a yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos