Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 11:11 - BIBELE

11 “Kgosi ya Egepeta e tla tlokoma ke kgalefo, e futuhele kgosi ya Siria. Kgosi eo ya Siria e tla kgobokanya mabotho a mangata, empa a tla hlolwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Morena wa Borwa o tla halefisisa, mme o tla futuha, a lwane le morena wa Leboya; o tla mema makgotla a maholo, mme makgotla a morena wa Leboya a tla neelwa matsohong a hae.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:11
13 Referencias Cruzadas  

Jwale moporofeta e mong a fihla ho Akabe, kgosi ya Iseraele, a re: “Morena o bua tjena: ‘Na o bona boiyane boo ba bahlabani? Ke tla neelana ka bona matsohong a hao kajeno, mme o tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


Moporofeta wa Modimo a fihla, a bua ho kgosi ya Iseraele, a re ho yona: “Morena o bua tjena: ‘Erekaha Baarame ba itse Morena ke modimo wa maralla, e seng modimo wa diphula, ke tla neelana ka letshwelehadi lena matsohong a hao, mme o tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


ha Modimo a ema ho ahlola bohle, le ho pholosa bohle, bohle ba eisehang ba lefatshe.


Jwale dinaha tsena tsohle ke di neile mohlanka wa ka, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona; ke bile ke mo neile le diphoofolo tsohle tsa naha hore di mo sebeletse.


Kgosi eo e hlotseng e tla ikgohomosa ka tlholo ya yona, le ka bahlabani ba diketekete bao e ba bolaileng, empa e ke ke ya boela ya hlola.


“Ha mehla ya bofelo e fihla, kgosi ya Egepeta e tla futuhela kgosi ya Siria, empa kgosi eo ya Siria le yona e tla kgahlanyetsa kgosi ya Egepeta jwaloka setsokotsane, ka dikariki tsa ntwa, le ka bapalami ba dipere, le ka dikepe tse ngata. E tla futuhela dinaha tse ngata, e di hohole jwaloka sekgohola.


Empa e tla tshoswa ke madume a hlahang botjhabela le leboya, e futuhe ka kgalefo e kgolo, mme e ripitle, e timetse ba bangata.


“Kgosi ya Egepeta e tla ba matla, empa e mong wa balaodi ba yona o tla ba matla ho e feta, a be a okamele mmuso o fetang wa kgosi eo.


O o neile matla a ho busa batho bohle moo ba phelang teng, le dibatana tsa naha, le dinonyana tse fofang; o o entse mmusi wa tsena kaofela. Hlooho ena ya kgauta ke wena.


Ka e bona e atamela pela pheleu, e e halefetse haholo. Ya fihla ya thula pheleu, ya roba manaka a yona a mabedi. Kaha pheleu e ne e se na matla a ho thula, phooko ya e dihela fatshe, ya e hatakela, mme ho ne ho se motho ya ka namolelang pheleu eo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos