Baefese 5:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, le se ke la ba le taba le bona. BIBELE Le se sebedisane le batho ba jwalo. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, le se ke la ba le kabelo le bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, le se ke la ba le kabelo le bona. |
Ya tsamayang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ya tlwaelaneng le mawatla o tla senyeha.
A bua le phutheho, a re: Tlohang pela ditente tsa banna bao ba babe, mme le se ke la ama letho la bona, esere la timeletswa ka baka la dibe tsohle tsa bona.
Se sikareng joko e le nngwe le ba sa dumelang; hobane kopano ke efe ya ho loka le bokgopo? Kapa lesedi le na le kopano efe le lefifi?
e leng hore baditjhaba ke majalefa le Baiseraele, ke mmele o le mong le bona, ba na le kabelo hammoho pallong ho Jesu Kreste, ka Evangeli;
O se ke wa phaka wa bea motho matsoho; hape, o se ke wa kena dibeng tsa ba bang. O ipoloke, o be mohlweki.
Yaba ke utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: Tlohang ho yena, lona setjhaba sa ka, le se tshohe le kenella dibe tsa hae, mme la welwa ke dikotsi tsa hae.