Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 5:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Motho a se ke a le thetsa ka dipolelo tsa lefeela; hobane ke ka baka la ntho tseo bohale ba Modimo bo tlelang bana ba ho se dumele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ho se be motho ya le thetsang ka dipolelo tsa lefeela, hobane ka baka la tse jwalo kgalefo ya Modimo e tlela ba sa mo mameleng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Ho se be motho ya le thetsang ka dipolelo tsa lefeela;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ho se be motho ya le thetsang ka dipolelo tsa lefeela;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 5:6
28 Referencias Cruzadas  

O re — empa ke mantswe a molomo feela — o re, morero le matla a teng a ho lwana; empa o tshepile mang, ha o mphetohetse?


wa hlahisetsa banna ba matla polao, wa rapalatsa bahlankana ba Iseraele fatshe.


Mme lona he, le se ke la mamela baporofeta ba lona, leha e le dinohe tsa lona, leha e le balori ba lona, leha e le dingaka tsa lona, leha e le baupelli ba lona, ba le bolellang, ba re: Le ke ke la sebeletsa morena wa Babilona.


Ho itswe ke Jehova bakeng sa Shemaia, Monehelame: Ekare ha Shemaia a ntse a le porofetela, kanthe ha ke a ka ka mo roma, mme a hlile a le tshepisa ka leshano;


Ho itswe ke Jehova: Le se ke la ithetsa ka ho re: Bakalde ba fela ba tla tloha, ba ye hole le rona, athe ha ba tla ke ba tloha.


Ho itswe ke Jehova bakeng sa baporofeta ba thetsang setjhaba sa ka, bao ereng ha ba hlafuna ka meno a bona, ba bolele kgotso, empa ha motho a sa ba futise letho, ba mo tsosetse ntwa ...


Hobane ho tla hlaha bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.


Jesu a ba araba, a re: Iponeleng, le tle le se ke la thetswa ke motho.


Hobane ho tla hlaha Bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa dipontsho le mehlolo, ba tle ba thetse le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.


Yaba Jesu o qala ho ba bolella, a re: Iponeleng hore le se ke la thetswa ke motho.


Hobane bohale ba Modimo bo bonahala bo etswa lehodimong, ho otla nyefolo e nngwe le e nngwe, le bokgopo bo bong le bo bong ba batho, ba hatellang nnete ka bokgopo.


Motho a se ke a le hlokisa moputso ka ho rata ha hae, ka taba tse kang boikokobetso, le tshebeletso ya mangeloi, a ikenya ho tseo a sa kang a di bona, ke ho ikgohomosetsa lefeela ka kutlo ya hae ya nama,


Ke le bolella hona hore motho a se ke a le thetsa ka dipolelo tseo e kang di na le ho tshepeha.


Itebeleng, motho a se ke a le hulanya ka bohlale ba batho le ka mashano a lefeela, ka ho ya ka dithuto tseo batho ba neanang tsona, ka ho latela ditaba tsa qalo tsa lefatshe, e seng Kreste.


Ke ka baka la ntho tseo bohale ba Modimo bo tlang hodima bana ba ho se dumele.


Le se ke la thetswa ke motho le ka mokgwa o le mong; hobane e ka kgona ho etsahale kweneho pele, mme ho hlahe motho eo wa sebe, mora tahleho;


Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tseo e leng dithuto disele; hobane ho hotle ha motho a tiisa pelo ya hae ka mohau, e seng ka dijo tse sa kang tsa thusa ba di tshepileng.


Ke moo re bonang hore ba ne ba sitwe ho kena ke ho se dumele.


Bao ba kgoptjwa ke lentswe kahobane ba sa dumele; etswe e le ntho eo ba e abetsweng.


Baratuwa, le se ke la dumela meya yohle, le mpe le leke meya, hore na ke e tswang ho Modimo; hobane baporofeta ba bohata ba tlile lefatsheng ba le bangata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos