Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 5:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane le a tseba hore mofebi, leha a le mong, le ya ditshila, le ya ratang leruo, e leng motho ya sebeletsang medimo ya bohata, ha ba na kabelo mmusong wa Kreste le Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Tsebang hore bohle bao e leng dihlola, kapa ba ditshila, kapa ba meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata, ha ba na ho ja lefa Mmusong wa Kreste le wa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Hobane le a tseba hore ha ho sehlola, leha e le ya ditshila, leha e le motho ya meharo, e leng morapeli wa medimo ya bohata, ya nang le kabelo mmusong wa Kreste le Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Hobane le a tseba hore ha ho sehlola, leha e le ya ditshila, leha e le motho ya meharo, e leng morapeli wa medimo ya bohata, ya nang le kabelo mmusong wa Kreste le Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 5:5
15 Referencias Cruzadas  

O se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno; o se ke wa lakatsa mosadi wa hae, leha e le mohlanka wa hae e motona, leha e le e motshehadi, leha e le kgomo ya hae, leha e le esele ya hae, leha e le ntho e nngwe e leng ya wa heno.


Mme jwale, banabeso, ke le laeletsa ho Modimo, le ho lentswe la mohau wa wona, o nang le matla a ho le hahisa, le ho le nea lefa hammoho le bahalaledi bohle.


Ha o na kabelo leha e le tokelo tabeng ena; hobane pelo ya hao ha e a loka pela Modimo.


Mme mesebetsi ya nama e pepeneneng: Ke ho feba, le ho boka, ke bonyala, le bootswa;


ke mohono, le dipolao, le botahwa, le meharo, le dintho tse jwalo, tseo ke le bolellang, jwalokaha ke se nkile ka le bolella, hore ba etsang tse jwalo, ba ke ke ba ba ba rua mmuso wa Modimo.


Empa haele bofebe, le ditshila tsohle, le takatso ya moruo, ho se ke ha bolelwa le mabitso a tsona hara lona, kamoo ho tshwanelang bahalaledi kateng;


mme o re ntshitse matleng a lefifi, wa re falletsa mmusong wa Mora wa wona ya ratwang;


Le bolaye ke hona ditho tsa lona tse leng lefatsheng, ke ho re, bofebe, le ditshila, le maikutlo a mabe, le ditakatso tse mpe, le takatso ya moruo, e leng ho sebeletsa modimo wa bohata.


Hobane lerato la leruo ke motso wa dibe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa ba kgelohile tumelo, mme ba itlhabile ka mahlomola a mangata.


Laela ba ruileng tsa mehla ya jwale hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa moruo o sa tiyang, ba mpe ba tshepe Modimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re di thabele.


Lenyalo a le ke le hlomphehe hara batho bohle, le diphate di hloke ditshila; hobane Modimo o tla ahlola baboki le bafebi.


Ka bona hara tse hapilweng seaparo se setle sa Shineare, le dishekele tse makgolo a mabedi tsa silefera, le leleme la kgauta le boima ba dishekele tse mashome a mahlano; yaba ke a di lakatsa, ka di nka, mme o ka bona di patilwe fatshe tenteng ya ka, silefera yona e katlase.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos