Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 18:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yaba ke utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: Tlohang ho yena, lona setjhaba sa ka, le se tshohe le kenella dibe tsa hae, mme la welwa ke dikotsi tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ka boela ka utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: “Tswang Babilona, lona setjhaba sa ka, esere la ba le kabelo dibeng tsa yona, kapa la fumana karolo ya dikotlo tsa yona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Ka utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: Tswang ho yena, setjhaba sa ka, le tle le se ke la ba le kabelo dibe tsa hae, le hore le se ke la amohela dikotlo tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ka utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: Tswang ho yena, setjhaba sa ka, le tle le se ke la ba le kabelo dibe tsa hae, le hore le se ke la amohela dikotlo tsa hae.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 18:4
16 Referencias Cruzadas  

Yaba Lota o tswa ho ya tsebisa bakgwenyana ba hae, ba neng ba tla nyala baradi ba hae, mme a re: Tsohang, le tswe nqalong ena, hobane Jehova o ya timeletsa motse! Empa ho bakgwenyana ba hae ha eba jwaloka hojane o a swaswa.


Ha o bona leshodu, o titimela ho lona, o tlwaelane le bafebi.


Tlohang Babilona, le balehe naheng ya Bakalde! Le bolele hoo ka lentswe la nyakallo, le ho tumise, le ho tsebise ho isa pheletsong ya lefatshe, le re: Jehova o lopolotse mohlanka wa hae Jakobo!


Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama ditshila, tswang hara bona! Itlhatsweng, lona ba jarang dipitsa tsa Jehova!


Balehang Babilona le lefatsheng la Bakalde, le tswele pele, jwaloka diphooko tse etellang mohlape pele.


Tswang teng, lona setjhaba sa ka, ho namolele e mong le e mong bophelo ba hae kgalefong e tjhesang ya Jehova.


Lona ba phemileng lerumo, tlohang, le se ke la ema; hopolang Jehova le sa le hole, Jerusalema a ke a hlokomelwe ke dipelo tsa lona.


Balehang Babilona, ho pholose e mong le e mong bophelo ba hae, esere le ka timela ka bokgopo ba hae, hobane nako ya tefetso ya Jehova ke yona eo, o ya busetsa moputso ho yena.


Re kile ra oka Babilona, empa ha a fole; a re mo tloheleng, re ikeleng e mong le e mong lefatsheng la heso, hobane kahlolo ya hae e fihla mahodimong, e phahametse maru.


mme le re: Holane re na be re le teng mehleng ya bontata rona moholo, re ka be re sa ka ra kopana le bona polaong ya baporofeta.


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,


O se ke wa phaka wa bea motho matsoho; hape, o se ke wa kena dibeng tsa ba bang. O ipoloke, o be mohlweki.


Hobane ya mo dumedisang o kopana le yena ketsong tsa hae tse mpe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos