Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 6:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Se sikareng joko e le nngwe le ba sa dumelang; hobane kopano ke efe ya ho loka le bokgopo? Kapa lesedi le na le kopano efe le lefifi?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Le se ke la kgema le ba sa dumeleng. Ho loka le ho se loke di ka kgotsana jwang? Lesedi le ka kopana jwang le lefifi?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang; mme lesedi le na le kopano efe le lefifi?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang; mme lesedi le na le kopano efe le lefifi?

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 6:14
44 Referencias Cruzadas  

ke tle ke o antshe ka Jehova, Modimo wa mahodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke ahileng hara bona;


Elia a atamela pela setjhaba sohle, a re: Le tla tenyetsehela ho le hokae ka nqa tse pedi? Ha Jehova e le Modimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng. Empa setjhaba ha se a ka sa mo araba letho.


Jehu, mora Hanani, seboni, a ya mo kgahlanyetsa, a re ho morena Josafate: Na ke tshwanelo hore o thuse e mobe, mme o rate ba hloileng Jehova na? Jehova o o halefetse ka baka la tseo.


Bona ba ntsha matsoho, ba itlama jwalo hore ba tla kgutlisa basadi ba bona; mme kahobane ba ne ba le molato, ba hlabela molato wa bona sehlabelo sa pheleu e ntjha.


ba mpa ba ikopanya le ditjhaba, ba ithuta mekgwa ya tsona;


Ke tlwaelane le bohle ba o tshabang, le ba bolokang ditemoso tsa hao.


Bakgethehi ba lefatsheng, banna ba borapedi ba sebele, ke bao ke kgahlwang ke bona.


mme wa nkela bara ba hao baradi ba bona, yaba baradi ba bona, ka ho feba le medimo ya bona, ba febisa le bara ba lona le medimo ya bona.


O se ke wa tlwaelana le motho ya bohale, o se ke wa tsamaya le ya hlonamang,


Molotsana ke manyala ho ba lokileng; ya kgabane ke manyala ho motho ya kgopo.


Bolokang melao ya ka. O se ka wa hwedisana diphoofolo tsa hao tse seng tsa mofuta o le mong. O se ke wa jala tshimo ya hao ka dipeo tsa mefuta e mmedi, mme o se ke wa apara diaparo tse lohilweng ka ditshwele tsa mefuta e mmedi.


Juda o etsa ka bolotsana, ho etswa manyala Iseraeleng le Jerusalema, hobane Juda o hlompholla sehalalelo sa Jehova, seo a se ratang, o nyala moradi wa modimo osele.


Ha ho e mong ya ka etsang jwalo, ha kelello e setse ho yena. Empa keng ha e mong a entse jwalo? O ne a batla ditloholo ho Modimo. Iponeleng hle meyeng ya lona; o se ke wa etsa ka bolotsana ho mosadi wa botjha ba hao.


Lefatshe le ke ke la le hloya; empa nna, le ntlhoile, hobane ke ntse ke le pakela hore mesebetsi ya lona e mebe.


Eitse hobane ba lokollwe, ba kgutlela ho ba habo, ba ba tsebisa tsohle tseo ba di boleletsweng ke baprista ba baholo, le ke baholo.


Le ke ke la nwela senwelong sa Morena le senwelong sa batemona; le ke ke la jela tafoleng ya Morena le tafoleng ya batemona.


Le se ke la lahleha: ditlwaelano tse mpe di bodisa mekgwa e metle.


Ke le ngoletse lengolong la ka, hore le se ke la kopana le bafebi;


Empa ngwanabo motho o ya tsekong le ngwanabo, le hona e le pela ba sa dumelang!


Mosadi o tlameletswe ho monna wa hae ke molao mehleng yohle eo monna wa hae a phelang ka yona; empa ekare ha monna wa hae a shwele, eba o lokolotswe, a ka nyalana le eo a mo ratang, e mpe e be Moreneng.


le tle le hloke sekodi le letheba, le be bana ba Modimo, ba sa nyatseheng hara moloko o senyehileng, o kgopo, oo le kganyang hara wona jwaloka masedi lefatsheng, le ntse le phahamisitse lentswe la bophelo;


Banna le basadi ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatshe ke ho lwantsha Modimo na? Efela ya phehellang ho iketsa motswalle wa lefatshe o ipea sera ho Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos