Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Bakorinthe 6:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Kreste o na le selekane sefe le Beliale? Kapa ya dumetseng o na le kabelo efe le ya sa dumelang?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Na Kreste a ka dumellana le Beleare? Kapa ke eng eo modumedi a ka e kopanelang le ya sa dumeleng?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Kreste o na le kopano efe le Beliale? Kapa ya dumelang o na le kabelo efe le ya sa dumeleng?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Kreste o na le kopano efe le Beliale? Kapa ya dumelang o na le kabelo efe le ya sa dumeleng?

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 6:15
14 Referencias Cruzadas  

Elia a atamela pela setjhaba sohle, a re: Le tla tenyetsehela ho le hokae ka nqa tse pedi? Ha Jehova e le Modimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng. Empa setjhaba ha se a ka sa mo araba letho.


Empa Sorobabele, le Joshua, le dihlooho tse ding tsa matlo a bontata Baiseraele, ba re ho bona: Ha le na ho hahela Modimo wa rona ntlo hammoho le rona; re tla mpe re hahele Jehova, Modimo wa Iseraele, re nnotshi, kamoo re laetsweng ke morena Siruse, morena wa Persia kateng.


Ya dumelang, mme a kolobetswa, o tla bolokeha; empa ya sa dumeleng, o tla tsuwa.


Bongata jwa ba dumetseng ho Morena bo ne bo ntse bo ekeletswa ka banna le ka basadi;


Empa Petrose a mo araba, a re: Ditjhelete tsa hao a di ke di timele le wena, ha o lekantse hobane neo ya Modimo e rekwa ka ditjhelete.


Empa ngwanabo motho o ya tsekong le ngwanabo, le hona e le pela ba sa dumelang!


Ekare ha e mong a sa baballe bahabo, haholo ba ntlo ya hae, eo o latotse tumelo, mme o fetiswa ke ya sa dumelang.


ba dumetseng ka yena ho Modimo, o mo tsositseng bafung, wa ba wa mo tlotlisa, hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.


Ba re ba sa thabisa dipelo tsa bona, bonang, banna ba motse, batho ba Beliale, ba teela ntlo hare, ba raha lemati, ba bolella monna ya tsofetseng, mong a ntlo, ba re: Ntshetsa ntle monna ya fapohetseng ha hao, re tle re mo tsebe.


Jwale, re neeleng batho bao ba Gibea, bana ba Beliale, re tle re ba bolaye, re hlakole bobe Iseraeleng. Empa Babenjamine ba hana ho utlwa mantswe a banababo bona, bana ba Iseraele.


Haele bara ba Eli, e ne e le bara ba Beliale; ba ne ba sa re letho ka Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios