Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 16:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 A bua le phutheho, a re: Tlohang pela ditente tsa banna bao ba babe, mme le se ke la ama letho la bona, esere la timeletswa ka baka la dibe tsohle tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Moshe a bua ho setjhaba, a re: “Ke a le rapela, tlohang ditenteng tsa banna bana ba kgopo, le se ke la ama letho leo e leng la bona, esere la timetswa ke sebe sa bona.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:26
13 Referencias Cruzadas  

Eitse ha ba se ba ntsheditswe kantle, e mong wa bona a re: Baleha, o boloke bophelo ba hao; o se ke wa hetla kamorao, o se ke wa ema lehwatateng lohle; balehela thabeng, esere mohlomong wa timeletswa.


Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama ditshila, tswang hara bona! Itlhatsweng, lona ba jarang dipitsa tsa Jehova!


Balehang Babilona, ho pholose e mong le e mong bophelo ba hae, esere le ka timela ka bokgopo ba hae, hobane nako ya tefetso ya Jehova ke yona eo, o ya busetsa moputso ho yena.


Yaba Moshe o a ema, a ya ho boDathane le Abirame; mme baholo ba Iseraele ba mo sala morao.


E mong le e mong ya sa le amoheleng, le polelo tsa lona a sa di utlwe, ha le etswa tlung eo, kapa motseng oo, le hlohlore lerole la maoto a lona.


Yaba ba hlohlora lerole le maotong a bona, ba ya Ikone.


Empa Petrose a mo araba, a re: Ditjhelete tsa hao a di ke di timele le wena, ha o lekantse hobane neo ya Modimo e rekwa ka ditjhelete.


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,


Ho ke ke ha eba letho la tse neetsweng anathema le kgomarelang matsoho a hao, hore Jehova a kgutle pefong ya bohale ba hae, mme a o hauhele, a o rekolohele, mme a o atise jwalokaha a anetse bontatao,


O se ke wa phaka wa bea motho matsoho; hape, o se ke wa kena dibeng tsa ba bang. O ipoloke, o be mohlweki.


Yaba ke utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: Tlohang ho yena, lona setjhaba sa ka, le se tshohe le kenella dibe tsa hae, mme la welwa ke dikotsi tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos