Jwale, bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ne ke o late merakeng, o setse dinku morao, hore ke o bee modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele.
Amose 7:15 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jehova o ntshwere ke alositse mohlape, mme Jehova a re ho nna: Eya, o porofete hodima setjhaba sa ka sa Iseraele. BIBELE Jwale Morena a mpitsa ke ntse ke alositse, a re ho nna: ‘Eya, o yo porofetela setjhaba sa ka sa Iseraele.’ |
Jwale, bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ne ke o late merakeng, o setse dinku morao, hore ke o bee modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele.
Yaba Elia o tloha moo, a fihlela Elisha, mora Shafathe, a lema ka joko tse leshome le metso e mmedi, a le pela joko ya leshome le metso e mmedi. Elia, ha a mo feta, a akgela kobo ya hae hodima hae.
Jehova a re ho nna: O se ke wa re: Ke sa le ngwana, o mpe o ye ho bohle bao ke tla o romela ho bona, o bolele tsohle tseo ke tla o laela tsona.
Yaba Jeremia o bolella baholo bohle le setjhaba kaofela, a re: Ke Jehova ya nthomileng ho porofeta bakeng sa ntlo ena le sa motse ona mantswe wohle ao le a utlwileng.
Tau e a rora: ya sa tlo tshoha ke mang? Morena Jehova o a bua: ya sa tlo porofeta ke mang?
Jesu ha a tloha teng, a bona motho ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho; yaba o re ho yena: Ntatele. Mattheu a ema, a mo latela.
Empa le tla fuwa matla mohla Moya o Halalelang o tlang ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ya Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.
Hobane haele rona, ha ho kamoo re ka lesang ho bolela kateng, tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.
Bohle ba neng ba mo tseba pele, ha ba mmona a porofeta le baporofeta, ba buisana, ba re: Taba ke efe e hlahetseng mora Kishe? Ana le Saule ke e mong wa baporofeta na?