Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 10:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Bohle ba neng ba mo tseba pele, ha ba mmona a porofeta le baporofeta, ba buisana, ba re: Taba ke efe e hlahetseng mora Kishe? Ana le Saule ke e mong wa baporofeta na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ha bohle ba mo tsebileng pele ba mmona a porofeta le baporofeta, batho ba botsana, ba re: “Ke eng ee e etsahalang ho mora wa Kishe? Na Saule le yena ke moporofeta?”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 10:11
10 Referencias Cruzadas  

Empa Amose a araba, a re ho Amatsia: Nna, ha ke moporofeta, leha e le mora moporofeta; empa ke modisa, ke phela ka ho ikgella ditholwana tsa sikomora.


Empa Jehova o ntshwere ke alositse mohlape, mme Jehova a re ho nna: Eya, o porofete hodima setjhaba sa ka sa Iseraele.


Bajuda ba makala ke hona, ba re: Na eo o tseba Mangolo jwang, athe ha a ka a ithuta?


Ba mo tseba hore ke yena ya neng a dulela thuso monyakong o Motle wa tempele; mme ba tlala ho babatsa le ho makala ka se entsweng ho yena.


Eitse ha ba bona ho tiya ha Petrose le Johanne, athe ba tseba hobane ke batho ba sa rutehang, e le batho feela, ba makala, mme ba lemoha hobane ba kile ba tsamaya le Jesu.


Ba mo utlwang kaofela ba ne ba makala, ba re: Na eo hase yena ya neng a hlorisa hampe ba rapelang lebitso leo Jerusalema, a bile a tlile le mona ho ba tlama le ho ba isa ho baprista ba baholo na?


Le yena a hlobola diaparo tsa hae, a nna a porofeta pontsheng ho Samuele, a dula fatshe a sa apara tsatsi leo lohle le bosiu bohle, ha ba ha thwe: Ana le Saule ke e mong wa baporofeta na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos