Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 10:11 - BIBELE

11 Ha bohle ba mo tsebileng pele ba mmona a porofeta le baporofeta, batho ba botsana, ba re: “Ke eng ee e etsahalang ho mora wa Kishe? Na Saule le yena ke moporofeta?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Bohle ba neng ba mo tseba pele, ha ba mmona a porofeta le baporofeta, ba buisana, ba re: Taba ke efe e hlahetseng mora Kishe? Ana le Saule ke e mong wa baporofeta na?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 10:11
10 Referencias Cruzadas  

Amose a araba Amasiya, a re: “Ke ne ke se moporofeta kapa mora wa moporofeta, empa ke ne ke le modisana, ke bile ke hlokomela difate tsa feiye.


Jwale Morena a mpitsa ke ntse ke alositse, a re ho nna: ‘Eya, o yo porofetela setjhaba sa ka sa Iseraele.’


Bajuda ba makala, ba re: “O tseba tsa thuto jwang, a sa ithuta?”


Ba tseba hore ke yena ya neng a dula kgorong ya Tempele, e bitswang Kgoro e Ntle, a kopa dithuso; ba makala haholo, mme ba hlollwa ke se etsahetseng ho yena.


Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, ba lemoha le hore ha ba a ruteha, ke batho feela, ba makala. Ba ba ba tseba hore ke ba bileng le Jesu.


Bohle ba mo utlwang ba makala, ba re: “Na eo hase yena ya ileng a fedisa bohle ba rapelang Jesu, Jerusalema, ya bileng a tlileng moo ka hona hoo, hore a ba tlame, a ba ise ho baprista ba baholo na?”


Le yena a hlobola diaparo tsa hae, a porofeta kapele ho Samuele. A qeta letsatsi leo lohle, le bosiu boo bohle, a paqame fatshe, a tsotse. Ke kahoo ho bileng le polelo e reng: “Na Saule le yena ke e mong wa baporofeta?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos