Yaba bara ba Jakobo ba tla ho ba bolailweng, mme ba phahla motse, kahobane kgaitsedi ya bona a ne a sentswe.
Amose 3:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, Morena Jehova o itse: Sera ke sena! se se se le ka nqa tsohle ho lefatshe! Se tla diha kganya ya hao, matlo a hao a borena a phahlwe. BIBELE Ka baka leo, Morena Modimo o re: “Sera se tla futuhela naha, se e futuhele kahohle, marako a lona a tshireletso se a heletse, matlotlo a matlo a dikwele tsa lona se a hahare.” |
Yaba bara ba Jakobo ba tla ho ba bolailweng, mme ba phahla motse, kahobane kgaitsedi ya bona a ne a sentswe.
Yaba Pule, morena wa Assiria, o futuhela lefatshe la Iseraele; empa Menaheme a nyehella Pule ka talenta tse sekete tsa silefera, hore a mo thuse ho tiisa mmuso letsohong la hae.
Tsiung tsa Peka, morena wa Iseraele, ha tla Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a nka Ijone, le Abele-Bethe-Maaka, le Janowa, le Kedeshe, le Hatsore, le Gileade, le Galelea, e leng naha yohle ya Nefthali, a isa batho ba teng Assiria kgolehong.
Ba tjhesa ntlo ya Modimo, ba heletsa lerako la Jerusalema; ba tjhesa le matlo wohle a teng a moreneng, ba timetsa ntho tsohle tsa teng tsa bohlokwa.
Ha ho letho le phonyohang meharong ya hae; ka baka leo, boiketlo ba hae bo ke ke ba tiya.
Ha ba tsebe ho etsa ho lokileng, ho itswalo ke Jehova, bao ba bokellang kgapo le tshenyo matlung a bona.
Ke tla rapalatsa ntlo ya mariha hodima ntlo ya lehlabula; matlo a kgabisitsweng ka manaka a tlou a tla timela, ho fediswe le matlo a mangata: ho itswalo ke Jehova.
Ka baka leo, Jehova, Modimo wa makgotla, o re: Lona ba ntlo ya Iseraele, bonang, ke ya le tsosetsa setjhaba se tla le hlorisa ho tloha Hamathe, ho isa nokeng ya lesabasaba.
Morena Jehova o hlapantse ka moya wa hae, o re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla: Ke hloile boikgohomoso ba Jakobo, matlo a hae a borena ke a a ila; ke tla neela dira motse le tsohle tse ho wona.