Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 3:11 - BIBELE

11 Ka baka leo, Morena Modimo o re: “Sera se tla futuhela naha, se e futuhele kahohle, marako a lona a tshireletso se a heletse, matlotlo a matlo a dikwele tsa lona se a hahare.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ka baka leo, Morena Jehova o itse: Sera ke sena! se se se le ka nqa tsohle ho lefatshe! Se tla diha kganya ya hao, matlo a hao a borena a phahlwe.

Ver Capítulo Copiar




Amose 3:11
17 Referencias Cruzadas  

Bara ba Jakobo ba fihla ho ba bolailweng, ba hapa matlotlo a motse wohle, kaha kgaitsedi ya bona e ne e tlontlollotswe.


Pule, kgosi ya Asiria, a futuhela naha ya Iseraele. Menaheme a thella Pule ka silefera e boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mararo a metso e mene hore Pule a tle a mo thuse, a mo tsitsise bokgosing.


Mehleng ya Peka, kgosi ya Iseraele, Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a futuha, mme a thopa batho ba Ione, le ba Abele-Bete-Maaka, le ba Janowa, le ba Kedeshe, le ba Hasore, le ba Gileade, le ba Galelea, le ba naha yohle ya Nafthali, a ba isa Asiria.


Ba tjhesa Tempele ya Morena, ba heletsa marako a Jerusalema, ba tjhesa matlo wohle a matle a kgosi ka mollo, ba senya le thepa yohle ya bohlokwa.


Meharo ya hae ha e a siya le pala, boiketlo ba hae ke ba nakwana;


Naha ya Juda ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Jerusalema ke a timetse.”


“Ba bokellang qhoqha, ba bokelle kgapo, ba e bokelle ka matlung a dikwele tsa bona, ha ba tsebe ho etsa ho nepahetseng,” ho rialo Morena.


Ntlo e dulwang mariha ke tla e heletsa, ke heletse le e dulwang hlabula; matlo a kgabisitsweng, a kgabiswa ka manaka a tlou, a tla heletswa, mehohoma ya matlo e fetohe masupi,” ho rialo Morena.


Morena Modimo wa mabotho o re: “Lona Baiseraele, ke tla le phepheletsa setjhaba, se le hatelle ho tloha Kgalong la Hamate, se le hatelle ho ya fihla Kgohlong ya Araba.”


Morena Modimo o se a ikanne, Morena Modimo wa mabotho, o re: “Ke nyonya boikakaso ba Jakobo, ke hloile matlo a bokwele a hae; ke tla neelana ka motse ona, ke neelane ka tsohle tse ho wona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos