Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 3:12 - BIBELE

12 Morena o bua tjena: “Jwalokaha modisa a hlotha hanong la tau meomo e mmedi feela kapa ntlhana ya tsebe, Baiseraele le bona ba tla pholoswa jwalo, bona ba phelang naheng ya Samaria, motho a nkile tsekana sa moalo wa hae, kapa a nkile otwana la setulo sa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Jehova o itse: Jwalokaha modisa a hlwibila maoto a mabedi a nku, kapa sekoto sa tsebe molomong wa tau, ho tla hlwibilwa jwalo bana ba Iseraele ba Samaria, ba dutseng dintlheng tsa malao le hodima diphate tse adilweng masela a Damaseka.

Ver Capítulo Copiar




Amose 3:12
16 Referencias Cruzadas  

Ba phonyohileng ba balehela motseng wa Afeke, empa lerako la motse la pitla ba dikete tse mashome a mabedi a metso e supileng ba bona. Bene-Hadade le yena a balehela motseng, a fihla a kena ka kamoreng e kahare.


Jwale Bene-Hadade a re ho kgosi ya Iseraele: “Ke tla o buseletsa metse yohle eo ntate a neng a e hape ho ntatao, mme o ka iketsetsa dibaka tsa kgwebo Damaseka, jwalokaha ntate le yena a ne a di etse Samaria.” Akabe a re: “Ke tla o lokolla ha re ka etsa selekane.” Yaba ba etsa selekane le yena, a nto mo lokolla.


Mmikiya a re: “Mohla o kenang ka kamoreng e kahare ho ya ipata, ke mohla o tla tseba.”


Kgosi ya Asiria ya ananela kopo ya Akase; ya futuhela Damaseka, ya e hapa, ya thopa le batho ba teng, ya ba isa Kire, mme ya bolaya Resine.


Ho ne ho ena le masela a masweu, le a maputswa, a neng a leketlisitswe kgweleng e entsweng ka lesela le lohehileng, le perese, a tlameletswe mefitshaneng e neng e entswe ka silefera, mme e hoketswe ditshiyeng tsa mahakwe a masweu. Ditulo tse nang le mesamo di ne di entswe ka kgauta le ka silefera, di beilwe hodima lebala le katilweng ka mahakwe a mafubedu, le a masweu, le a boputswa ba lehodimo, le a matsho.


Kgosi ya kgutla serapeng sa ntlo ya kgosi, ya boela moketeng wa ho nwa veine. Hamane yena o ne a wetse hodima setulo sa sofa seo Esetere a neng a dutse ho sona. Yaba kgosi e re: “Na ke hore o tla be a bete mofumahadi ke ntse ke le kamoo ka tlung?” Hanghang hoba kgosi e rialo, mahaole a kgurumetsa sefahleho sa Hamane.


a re: “Nke ke ka kena ka tlung ya ka, kapa ka paqama diphateng tsa ka;


Mohla tsatsi leo, motho o tla sheba Mmopi wa hae, mahlo a motho a shebe Ya Halalelang wa Iseraele.


Morena o bua tjena ho nna: “Ha tau le tawana di puruma hodima sefifi, leha sekgakgatha sa badisana se ka di futuhela, di ke ke tsa tshoswa ke mehoo ya bona, di ke ke tsa nyaroswa ke lerata la bona. Le Morena wa mabotho o tla theoha jwalo, ho tla lwanela Thabeng ya Sione le leralleng la yona.


Etlare moshanyana enwa a eso tsebe ho re ‘ntate’ kapa ‘mme’, maruo a Damaseka le kgapo ya Samaria di nkwe ke kgosi ya Asiria.”


Le paqama mealong e kgabisitsweng, e kgabisitsweng ka manaka a tlou; le kakalla tulong tsa lona, tulong tse butshabutsha, le ja nama ya dikonyana e bonojwana, le je le ya manamane a nontshitsweng.


“Ruri Morena wa mabotho o tadimile mmuso ona o kgopo. Ke tla o timetsa hodima lefatshe lohle, empa ntlo ya Juda nke ke ka e timetsa kaofela,” ho rialo Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos