Amose 3:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)12 Jehova o itse: Jwalokaha modisa a hlwibila maoto a mabedi a nku, kapa sekoto sa tsebe molomong wa tau, ho tla hlwibilwa jwalo bana ba Iseraele ba Samaria, ba dutseng dintlheng tsa malao le hodima diphate tse adilweng masela a Damaseka. Ver CapítuloBIBELE12 Morena o bua tjena: “Jwalokaha modisa a hlotha hanong la tau meomo e mmedi feela kapa ntlhana ya tsebe, Baiseraele le bona ba tla pholoswa jwalo, bona ba phelang naheng ya Samaria, motho a nkile tsekana sa moalo wa hae, kapa a nkile otwana la setulo sa hae. Ver Capítulo |
Teng, ho ne ho na le masela a lene e tshweu, le a sei, le a purepera, a neng a fanyehilwe ka dikgole tsa lene le tsa sekarelata masaleng a silefera le ditshiyeng tsa maramore e tshweu; hape, ho ne ho na le malao a kgauta le silefera mokatong wa porfira, le wa maramore e tshweu, le wa dikgetla, le wa majwe a matsho.
Morena a kgutla tshimong ya ntlo ya borena, a boela tlung moo ho neng ho nowa veine. Athe Hamane o ne a itihetse malaong ao Esthere a sekameng ho wona. Morena a re: Na ke ho re, o ya tsohela mofumahadi matla hona pela ka, tlung ya ka na? Taba eo yare e sa tswa molomong wa morena, ha kgurumetswa sefahleho sa Hamane.