Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 3:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ha ba tsebe ho etsa ho lokileng, ho itswalo ke Jehova, bao ba bokellang kgapo le tshenyo matlung a bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 “Ba bokellang qhoqha, ba bokelle kgapo, ba e bokelle ka matlung a dikwele tsa bona, ha ba tsebe ho etsa ho nepahetseng,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Amose 3:10
23 Referencias Cruzadas  

Ha ho letho le phonyohang meharong ya hae; ka baka leo, boiketlo ba hae bo ke ke ba tiya.


Na bakgopo bao kaofela ba hloka tsebo keng? Ba ja setjhaba sa ka jwalokaha ho jewa bohobe. Ha ba rapele Jehova.


ke moo re tla fumana matlotlo a bohlokwa, re tlatse matlo a rona ka thepa e hapilweng;


Mosadi ya molemo o ithuela hlompho; batho ba matla ba ipatlela menono.


Ba babe ha ba utlwisise se lokileng; empa ba batlang Jehova ba utlwisisa ditaba tsohle.


Ka boela ka lemoha dihloriso tsohle tse etswang tlasa letsatsi, mme ka bona meokgo ya ba hloriswang, ho mpa ho se ya ba tshedisang. Ka nqa ho bahlorisi ba bona, ka bona bothata, ho mpa ho se monamoledi.


Ruri setjhaba sa ka ke sethoto, ha se ntsebe; ke bana ba mawatla ba se nang kelello; ba bohlale ho etsa hampe, empa ha ba tsebe ho etsa hantle.


Mme nna ka re: Bao ke mafutsana le mawatla, haele moo ba sa tsebe tsela ya Jehova le molao wa Modimo wa bona.


leha a sa tube motho, mme a kgutlisa tebeletso e ntsheditsweng molato, a sa tlatlape, a nea molapi bohobe ba hae, a apesa ya hlobotseng diaparo,


Haele setjhaba sa lefatshe lena, se etsa botubo, se ineela kutso; ba tuba mosenyehi le mofutsana, ba tuba moditjhaba ho se tokelo.


A re ho nna: Mora motho, na o bone na? Na ke ntho e nyenyane hore ba ntlo ya Juda ba etse manyala a etswang ke bona mona, haele moo ba tlatsitse lefatshe ka bothata, mme ba ntse ba nkgalefisa na? O ka bona, ba isa lekala la morara dinkong tsa bona.


Ha ke re ke phekola Iseraele, ke moo ho hlahang bokgopo ba Efraime le bolotsana ba Samaria. Hobane ba etsa tsa bohata. Leshodu le kena matlung, sehlopha sa ba lobelang se hasana kantle.


Utlwang lentswe lena, lona dithole tsa Bashane tse thabeng ya Samaria, lona le hlorisang ba banyenyane, le tshwenyang mafutsana, le reng ho banna ba lona: Tlisang, re nwe!


Bao ba fetola kahlolo lengana, ba dihela ho loka fatshe;


Na dipere di mathiswa mafikeng, kapa na ho lengwa ka dipholo teng, haele moo le fetotse kahlolo mahloko, le tholwana ya ho loka le e fetotse lengana,


lona le reng, le bea letsatsi la bohloko hole, mme le bea setulo sa bolotsana haufi?


Morena Jehova o hlapantse ka moya wa hae, o re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla: Ke hloile boikgohomoso ba Jakobo, matlo a hae a borena ke a a ila; ke tla neela dira motse le tsohle tse ho wona.


Na matlotlo a bokgopo a sa le teng tlung ya ya sa lokang, le tekanyo e fokotsehileng, e rohakilweng na?


hape, tsatsing leo, ke tla kgalemela bohle ba tlolang sefate se monyako, ba tlatsang ntlo ya morena wa bona ka tse hapilweng ka bohoroso le ka thetso.


Hobane ba lebala ka boomo hoba mahodimo a ne a hlolwe kgale ke lentswe la Modimo, le hoba le lona lefatshe le ntshitswe metsing, la bolokwa hara metsi;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos