Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 3:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Howeletsa hodima matlo a borena a Ashdode le hodima matlo a borena a lefatshe la Egepeta, le re: Phuthehelang dithabeng tsa Samaria, le tle le bone meferefere e mengata e hara yena, le dihloriso tse leng ho yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Hlabang mokgosi, le o hlabele matlo a dikwele, dikwele tsa Ashedode, le o hlabele le a Egepeta, le re: “Phuthehelang dithabeng, thabeng tsa Samaria, le bone meferefere e kahara motse, le bone kgatello e hara baahi ba wona.

Ver Capítulo Copiar




Amose 3:9
22 Referencias Cruzadas  

Le se ke la e bolela Gathe, le se ke la e tumisa mapatlelong a Ashkelone, esere barwetsana ba Bafilesta ba thaba, le barwetsana ba maqai ba nyakalla!


ke moo re tla fumana matlotlo a bohlokwa, re tlatse matlo a rona ka thepa e hapilweng;


Mosadi ya molemo o ithuela hlompho; batho ba matla ba ipatlela menono.


Ka boela ka lemoha dihloriso tsohle tse etswang tlasa letsatsi, mme ka bona meokgo ya ba hloriswang, ho mpa ho se ya ba tshedisang. Ka nqa ho bahlorisi ba bona, ka bona bothata, ho mpa ho se monamoledi.


O sa tla be o leme merara dithabeng tsa Samaria; balemi ba yona ba tla e lema, ba itjelle tsa yona.


Tsebisang Egepeta, le bolelle Migdole; le bolelle Nofe le Takpanese, le re: Ema, o itokise, hobane lerumo le se le eja ka mathokong a hao.


Tsebisang sena hara ditjhaba, le se tumise, le emise folaga; se tsebiseng, le se ke la se pata, le re: Babilona o hapilwe, Bele o hlabisitswe dihlong, Merodake o swabile; ditshwantsho tsa hae di hlabisitswe dihlong, medimo ya hae e robakilwe dikoto.


Haele lona, dithaba tsa Iseraele, le tla hlomela mahlomela a lona, le beele setjhaba sa ka sa Iseraele ditholwana tsa lona, hobane se se se le lekgatheng la ho fihla.


Ke tla ba etsa setjhaba se le seng lefatsheng, dithabeng tsa Iseraele. Eo e tla ba morena wa bona e tla ba morena a le mong; e ke ke ya hlola e eba tjhaba tse pedi, di ke ke tsa hlola di arohana ho etsa mebuso e mmedi.


Ha ke re ke phekola Iseraele, ke moo ho hlahang bokgopo ba Efraime le bolotsana ba Samaria. Hobane ba etsa tsa bohata. Leshodu le kena matlung, sehlopha sa ba lobelang se hasana kantle.


ke tla timetsa ba ahileng Ashdode le ya tshwereng lere la borena Ashkelone. Ke tla boela ke otlolle letsoho la ka hodima Ekrone, mme Bafilesta ba setseng ba tla fela: ho itswalo ke Morena Jehova.


Utlwang lentswe lena, lona dithole tsa Bashane tse thabeng ya Samaria, lona le hlorisang ba banyenyane, le tshwenyang mafutsana, le reng ho banna ba lona: Tlisang, re nwe!


Ka baka leo, kahobane le hatakela e monyenyane, le nka koro ya hae ka ho mo tuba, leha le hahile matlo ka majwe a betlilweng, le ke ke la dula ho wona; leha le hlomile masimo a matle a merara, le ke ke la nwa veine ya wona.


Ho madimabe lona ba iketlileng Sione, le lona ba tshepileng thaba ya Samaria, lona dihlooho tsa setjhaba se kapele ho tse ding, lona bao ba ntlo ya Iseraele ba ikisang ho lona.


lona le reng, le bea letsatsi la bohloko hole, mme le bea setulo sa bolotsana haufi?


Ke moo re tla reka bafumanehi ka tjhelete, le mafutsana ka seeta, re rekise le ka ditlhoka tsa koro.


Na matlotlo a bokgopo a sa le teng tlung ya ya sa lokang, le tekanyo e fokotsehileng, e rohakilweng na?


Haele Bafilesta, ba ne ba nkile areka ya Modimo; ba e tlosa Eben-Esere, ba e isa Ashdode.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos