Jehova a re ho yena: Kgutla, o ye Damaseka, ka tsela e yang lefeelleng; etlare ha o le teng, o tlotse Hasaele ho ba morena wa Siria.
Amose 1:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) ke tla akgela mollo tlung ya Hasaele, o tle o tjhese le matlo a borena a Ben-Hadade. BIBELE Ntlo ya Hasaele ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Bene-Hadade ke a timetse. |
Jehova a re ho yena: Kgutla, o ye Damaseka, ka tsela e yang lefeelleng; etlare ha o le teng, o tlotse Hasaele ho ba morena wa Siria.
Joase yena, mora Joakase, a boela a hapa matsohong a Ben-Hadade, mora Hasaele, metse e beng e hapilwe ke yena matsohong a ntatae ka ntwa. Joase a mo hlola hararo, a boela a rua metse eo ya Iseraele.
Ebile Jehova o halefela Baiseraele, a ba neela matsohong a Hasaele, morena wa Siria, le matsohong a Ben-Hadade, mora Hasaele, tshiung tsohle tsa Joakase.
Kamora tseo, Ben-Hadade, Morena wa Syria, a phutha makgotla wohle a hae, a futuha, a ya thibella Samaria.
Yaba Asa o ntsha silefera le kgauta bobolokelong ba ntlo ya Jehova le ba ntlo ya morena, a di romela ho Ben-Hadade, morena wa Siria, ya ahileng Damaseka, a re:
Empa ha le hana ho nkutlwa, ha ke le laela ho boloka letsatsi la Sabatha, le ho se jare diphahlo, le ho se di kenye ka menyako ya Jerusalema ka tsatsi la Sabatha, ke tla besa mollo menyakong ya motse, o tle o tjhese matlo a borena a Jerusalema, mme ha o ka ke wa tingwa.
ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova, mohla ke besang mollo Egepeta, mme batlatsi bohle ba teng ba robehang.
Ke tla romela mollo naheng ya Magogo le hodima bohle ba ahileng dihlekehlekeng ba iketlile; mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.
Iseraele o lebetse Mmopi wa hae, o hahile matlo a borena; le Juda o atisitse ho haha metse e matla; empa ke tla romela mollo metseng ya bona, o tjhese matlo a bona a borena.
ke tla hotetsa mollo kahara lerako la Rabba, o tle tjhese matlo a teng a borena hara mokgosi, tshiung ya ntwa, hara ditsokotsane, tsatsing la sefefo.
ke tla akgela mollo Moabe, o tle o tjhese matlo a borena a Keriothe, mme Moabe o tla timela moferefereng oo hara mokgosi le modumo wa terompeta;
Modimo wa busetsa le dihloohong tsa banna ba Sikeme bobe bohle boo ba bo entseng. Thohako ya Jothame, mora Jerubbaale, ya ba hlahela jwalo.