Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ke tla roba mekwallo ya Damaseka, ke fedise ba ahileng thoteng ya Afene, le ya tshwereng lere la borena Bethe-Edene, mme setjhaba sa Siria se tla iswa Kire kgolehong: ho itswalo ke Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ke tla roba mekwallo ya kgoro tsa Damaseka, ke timetse ba ahileng ka Kgohlong ya Afene, le ya tshwereng lere la puso, puso ya Bete-Edene baahi ba Arame ba thopelwe Kire,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Amose 1:5
14 Referencias Cruzadas  

Haele taba tse ding tsa Jeroboame, le tsohle tseo a di entseng, le matla a hae kamoo a lwanneng kateng, le kamoo a boetseng a hapela Iseraele Damaseka le Hamathe wa Juda kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Morena wa Assiria a mo utlwa; morena wa Assiria a fela a futuhela Damaseka, a o kena, mme a isa ba teng Kire kgolehong, a bolaya le Retsine.


Elame o tshwere kgohlopo, o na le makoloi a tletseng banna le bakalli; Kire o nkile dithebe.


Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa lona, Mohalaledi wa Iseraele: Ka baka la lona, ke rometse ho lwantsha Babilona, mme ke tla ba dihela bohle, ba balehe le bona Bakalde ka dikepeng tseo ba ithorisang ka tsona.


Hobane ngwana he a eso ho tsebe ho re: Ntate! mme! matlotlo a Damaseka le thepa ya Samaria di tla nkwa ke morena wa Assiria.


Lerumo le hodima ba buang mashano, hore ba be jwaloka mawatla; lerumo le hodima bahale, hore ba tle ba swabe.


Bahale ba Babilona ba lesitse ho lwana, ba ituletse diqhobosheaneng, ba feletswe ke bohale ba bona, ba fetohile basadi, ho tjhesitswe meaho ya bona, mekwallo ya bona e robilwe.


Menyako ya hae e diketse fatshe; o sentse, o robakantse mekwallo ya yona; morena wa hae le babusisi ba hae ba ditjhabeng; molao ha o sa le yo, le bona baporofeta ba hae ha ba sa fumana dipono ho Jehova.


Karane, le Kanne le Edene, le bahwebi ba Sheba, le Baassiria, le Bakilmade, ba ne ba hweba le wena.


Bahlankana ba Afene le ba Pi-Besethe ba tla wa ka lerumo, batho ba teng ba ye kgolehong le bona.


Ho fedile le nqalo tse diphahameng tsa Bethe-Avene, tseo e leng sebe sa Iseraele. Meutlwa le dintshwantshwane di ya mela dialetareng tsa tsona. Mme ba tla re ho dithaba: le re kgurumetse! le ho marallana: Re weleng hodimo!


Le se ke la batla Bethele, le se ke la ya Gilgale, le se ke la fetela Beerseba; hobane Gilgale o tla iswa kgolehong, Bethele a etswe lefeela.


Ha ke re, ho nna le jwaloka bana ba Kushe, lona bara ba Iseraele? ho bolela Jehova. Na ha ke a ka ka ntsha Iseraele lefatsheng la Egepeta, jwalokaha ke ntshitse Bafilesta Kaftore, le Basiria Kire?


Bona, batho ba hao ba ho wena ke basadi feela; dikgoro tsa lefatshe la hao di ipuletse bao e leng dira ho wena, mekwallo ya hao e tjheswa ke mollo!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos