Joase yena, mora Joakase, a boela a hapa matsohong a Ben-Hadade, mora Hasaele, metse e beng e hapilwe ke yena matsohong a ntatae ka ntwa. Joase a mo hlola hararo, a boela a rua metse eo ya Iseraele.
Ebile Jehova o halefela Baiseraele, a ba neela matsohong a Hasaele, morena wa Siria, le matsohong a Ben-Hadade, mora Hasaele, tshiung tsohle tsa Joakase.
Yaba Asa o ntsha silefera le kgauta bobolokelong ba ntlo ya Jehova le ba ntlo ya morena, a di romela ho Ben-Hadade, morena wa Siria, ya ahileng Damaseka, a re:
Empa ha le hana ho nkutlwa, ha ke le laela ho boloka letsatsi la Sabatha, le ho se jare diphahlo, le ho se di kenye ka menyako ya Jerusalema ka tsatsi la Sabatha, ke tla besa mollo menyakong ya motse, o tle o tjhese matlo a borena a Jerusalema, mme ha o ka ke wa tingwa.
Iseraele o lebetse Mmopi wa hae, o hahile matlo a borena; le Juda o atisitse ho haha metse e matla; empa ke tla romela mollo metseng ya bona, o tjhese matlo a bona a borena.